Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 20:21 - BIBELE

21 Hoba Jehoshafate a rerisane le setjhaba, a kgethela Morena dibini tse neng di tla rorisa Morena di kgabile ka tse halalelang, ha di ntse di eteletsa lebotho pele. Di ne di bina, di re: “Rorisang Morena, hobane mohau wa hae ke wa kamehla yohle.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 A etsa morero le setjhaba; yaba o bea dibini tse tla binela Jehova di apere ka bokgabane bo kgethehileng, di eteletse makgotla pele, di re: Bokang Jehova, hobane mohau wa hae o hlola ka ho sa feleng!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 20:21
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Thoholetsang tlotla e lokelang lebitso la Morena, tloong kapele ho yena le mo nyehelleng, kgumamelang Morena le kgabile ka tse halalelang.


Bokang Morena, hobane o molemo, mohau wa hae ke wa kamehla yohle.


Ba ne ba ena le Hemane le Jedutune, le bohle ba neng ba kgethwe, ba bolelwa ka mabitso, hore ba boke Morena, “hobane mohau wa hae ke wa kamehla yohle.”


Bana ba Iseraele, ba neng ba le teng Jerusalema, ba keteka mokete wa mahobe a sa lomoswang ka matsatsi a supileng, ka thabo e kgolo. Balevi le baprista bona ba nna ba rorisa Morena ka tsatsi le leng le le leng, ba mminela ka tjheseho e kgolo.


Baletsi ba diterompeta, le dibini, ba amohela pina jwalokaha eka ho bina motho a le mong, ba rorisa Morena. Ba ne ba tlatsitswe ke diterompeta, le matlheretlhere le diletsa tse ding, ba rorisa Morena, ba re: “Bokang Morena hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Yaba leru le tlala ka Tempeleng ya Morena.


Ha bana ba Iseraele bohle ba bona mollo o theoha lehodimong, le tlotla ya Morena e le hodima Tempele, ba obamela fatshe ka difahleho ba le lebaleng, ba kgumamela Morena, ba mo rorisa, ba re: “Morena o molemo, mohau wa hae ke wa kamehla yohle.”


Baprista ba eba ditulong tsa bona, le Balevi ba neng ba letsa diletsa tsa Morena tsa mmino, tseo kgosi Davida a neng a di etseditse ho rorisa Morena. Balevi, ba shebane le baprista, ba letsa diterompeta, ba boka Morena, ba re: “Mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Baiseraele bohle bona ba ne ba eme ka maoto.


Ha ho kgakolwa lerako la Jerusalema, Balevi ba ile ba latwa dibakeng tsohle tseo ba neng ba phela ho tsona, ba tliswa Jerusalema, ho tla keteka mokete ona ka thabo, le ka teboho, le ka ho bina ka matlheretlhere, le ka dikatara, le ka diharepa.


Haleluja! Bokang Morena, hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.


Bokang Morena, hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.


Ke ipileditse ho Morena ya lokelang ho roriswa, mme ka pholoswa direng tsa ka.


Thoholetsang tlotla e lokelang lebitso la Morena; kgumamelang Morena le kgabile, le kgabile ka tse halalelang.


Modimo o kganya a le Sione, motseng o motlemotle.


Morena Modimo wa rona a ke a be mosa ho rona, a atlehise mosebetsi wa matsoho a rona, e, a atlehise mosebetsi wa matsoho a rona.


Kgumamelang Morena le kgabile ka tse halalelang, lefatshe lohle le thothomele, le thothomele kapele ho yena.


Tjhaba se hlokang botsamaisi se a lahleha, se nang le baeletsi ba bangata se a bolokeha.


ho tla boela ho utlwahala mehoo ya thabo le ya nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le mantswe a binang, ha ba tlisa nyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena, ba re: “ ‘Lebohang Morena wa mabotho, hobane Morena o lokile, mohau wa hae ke wa kamehla yohle,’ “hobane ke tla kgutlisa bathopuwa ba naha ena, mme ba tla ba jwaloka pele, ho rialo Morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ