Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 20:2 - BIBELE

2 Batho ba bang ba fihla, ba bolella Jehoshafate, ba re: “Lebotho le leholohadi, le tswang Edomo, ka nqane ho lewatle, le a tla, le tlilo o futuhela. Le se le le Hasesone-Tamare, e leng Ene-Gedi.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Josafate a behelwa, ha thwe: O futuhelwa ke sera se seholohadi, se tswang Siria mose wane ho lewatle; e se e le bana Hatsatsone-Thamare, e leng Ene-Gedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 20:2
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Dikgosi tsena kaofela tsa kopanya mabotho, phuleng ya Sidime, e leng Lewatleng la Letswai.


Jwale ba kgutla, mme ba fihla Ene-Mishepate, e leng Kadeshe, ba hapa naha yohle ya Baamaleke, le ya Baamore ba neng ba ahile naheng ya bona Hasesone-Tamare.


Ho nna moratuwa o tshwana le thunthung tsa mmasa, tse tswang masimong a morara, masimo a Ene-Gedi.


Batshwasi ba ditlhapi ba tla ema lebopong la lewatle ho tloha Ene-Gedi ho ya fihla Ene-Egelaime. Ho tla ba le moo ba anehang matlowa teng. Ditlhapi tsa teng e tla ba tsa mefuta yohle, tse tshwanang le tsa Lewatle le Leholo.


“Ka borwa moedi o tla tloha Tamare o yo fihla metsing a Meriba-Kadeshe, o ikgohle ka naha ya Egepeta, o yo fihla Lewatleng le Leholo. Ona e tla ba wona moedi o ka borwa.


“Moedi o ka borwa wa naha ya Gade o tla leba borwa ho tloha Tamare, ho ya fihla sedibeng sa Meriba-Kadeshe, o ikgohle ka naha ya Egepeta, ho ya fihla Lewatleng le Leholo.


Moedi o tla sika ka Jorodane, o be o yo fella Lewatleng la Letswai. “ ‘Ena e tla ba yona naha ya lona le meedi e e potapotileng.’ ”


le Nibeshane, le Motse wa Letswai, le Ene-Gedi. Metse ena, e ne e tsheletse, le metsana ya yona.


metsi a phallelang tlase a ema, a kokomoha, a iketsa lekaka le yang morao, ho tloha motseng wa Adama, o haufi le Saretane. Metsi a phallelang Lewatleng la Araba, e leng Lewatle la Letswai, a kgaotsa ho phalla. Setjhaba sa tshela malebana le Jeriko.


Davida a tloha moo, a ya aha diqhobosheaneng tsa Ene-Gedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ