Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 20:19 - BIBELE

19 Balevi ba morabe wa Kohate, le Balevi ba morabe wa Kora, ba ema, ba rorisa Morena Modimo, ka mantswe a phahameng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Balevi ba bara ba Bakehathe le ba bara ba Bakore ba ema ho boka Jehova, Modimo wa Iseraele, ka mantswe a maholo, a phahameng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 20:19
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bo-Hemane le Jedutune e ne e le bona ba okametseng baletsi ba diterompeta, le ba matlheretlhere, le ba diletsa tse ding, tse neng di letsetswa ho binela Modimo difela. Bara ba Jedutune e ne e le balebedi ba monyako.


Asafo ya eba yena hlooho, a hlahlangwa ke Sekariya. Bo-Jeiele, le Shemiramote, le Jehiele, le Matiteya, le Eliabe, le Benaya, le Obede-Edomo, le Jeiele, bona ba ne ba letsa dikatara, le diharepa, athe Asafo yena o ne a letsa matlheretlhere.


Ba dikete tse nne ya eba balebedi ba menyako, mme ba dikete tse nne hape ba rorisa Morena ka diletsa tseo Davida a neng a laele hore di etswe.


Jwale Jehoshafate a obamela fatshe ka sefahleho. Baahi bohle ba naha ya Juda le baahi bohle ba Jerusalema, ba itihela fatshe kapele ho Morena, ba mo kgumamela.


Ba tsoha e sa le ka madungwadungwana, ba ya lehwatateng la Tekowa. Ha ba ntse ba tsamaya, Jehoshafate a ema, a re: “Lona baahi ba Juda, le lona baahi ba Jerusalema, mmameleng! Tshepang Morena Modimo wa lona, mme le ke ke la sisinyeha. Tshepang baporofeta ba hae, mme le tla atleha.”


Baletsi ba diterompeta, le dibini, ba amohela pina jwalokaha eka ho bina motho a le mong, ba rorisa Morena. Ba ne ba tlatsitswe ke diterompeta, le matlheretlhere le diletsa tse ding, ba rorisa Morena, ba re: “Bokang Morena hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Yaba leru le tlala ka Tempeleng ya Morena.


Jwale Balevi, e leng bo-Jeshua, le Bani, le Kademiele, le Shebaniya, le Buni, le Sherebiya, le Bani, le Kenani, ba ema sethaleng, ba ipiletsa ho Morena Modimo wa bona, ka mantswe a phahameng.


Thothokiso e nang le thuto, ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


Pesalema ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


Pesalema ya Asafo. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka ditolotolo.


Bara ba Kora ke Asire, le Elekana, le Abiasafe. Ana ke wona malapa a morabe wa Bakora.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ