Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 20:14 - BIBELE

14 Jwale Moya wa Morena wa theohela hodima Jahaseele, mora wa Sekariya, setloholo sa Benaya, setloholwana sa Jeiele, setlohotloholwana sa Mataneya, eo e neng e le Molevi wa leloko la Asafo. Wa theohela hodima hae a ntse a le kahara setjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Jwale, moya wa Jehova wa tlela Jahasiele, mora Sakaria, mora Benaia, mora Jeiele, mora Matthania, Molevi, wa bara ba Asafe, wa mo tshwara hara phutheho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 20:14
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le Jisemaya wa Gibeone, eo e neng e le e mong wa bahale ba mashome a mararo, e bile e le molaodi wa bona, le Jeremia, le Jahasiele, le Johanane, le Josabada wa Gedera,


Moya wa Modimo wa theohela hodima Asariya, mora wa Odede.


Setjhaba sohle sa Juda se ne se eme kapele ho Morena, se ena le masea a sona, le basadi ba sona, le bana ba sona.


Moya wa Modimo wa theohela hodima Sekariya, mora wa moprista Jehoyada, mme yena a ema hara setjhaba, a re: “Modimo o bua tjena: ‘Ke ka baka lang le tlolang ditaelo tsa Morena, le bile le sa atlehe? Ke kahobane le furaletse Morena, mme le yena o le furaletse.’ ”


Etlare ha o ipiletsa, Morena a o arabe, ere ha o kopa thuso, yena a re: ‘Ke nna enwa.’ “Haeba o fedisa diketso tsa botlatlapi, tsa ho supana ka menwana le ho buisana hampe;


Ke tla arabela ba eso ka ba ipiletsa, ke be ke ba utlwe e le hona ba ntseng ba rapela.


Ha a phahamisa mahlo, a bona Baiseraele ba hlomile ho ya ka meloko ya bona. Moya wa Modimo wa mo fihlela,


Eaba o re: ‘Kornele, thapelo ya hao e utlwilwe, mme dithuso tsa hao ho mafutsana di hopotswe ke Modimo.


A le tadima, a tshoha, mme a re: “Keng, Morena?” La re ho yena: “Dithapelo le dithuso tsa hao ho mafutsana di amohelehile ho Modimo, mme o o hopotse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ