Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 20:12 - BIBELE

12 Oho, Modimo wa rona, ako ba ahlole! Re hloka matla a ho lwantsha lebothohadi lena le re futuhetseng. Ha re tsebe le seo re ka se etsang, empa rona re tshepile wena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Oho, Modimo wa rona, na o ke ke wa ba ahlola na? Hobane ha ho matla ka ho rona a ho lwana le sera seno se seholohadi se re futuhelang; hape ha re tsebe hore na e ka kgona re etseng? empa mahlo a rona a tadimile wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 20:12
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba mosadi o re: “Ke a o rapela: E se eka kgosi e ka rapela Morena Modimo wa yona, a thibela mophetetsi wa madi a tsholotsweng, hore a se ke a timetsa mora wa ka.” Kgosi ya re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, leha e le qoba e le nngwe feela ya moriri wa mora wa hao, e ke ke ya wela fatshe!”


Jwale monga ka, kgosi ya ka, Baiseraele bohle ba shebile wena; ba emetse hore o ba bolelle hore na ke mang ya tla o hlahlama.


Ha mohlanka wa moporofeta wa Modimo a tsoha e sa le ka matjeke, a etswa ka tlung, a bona lebotho la bahlabani ba dipere, le ba dikariki, le etseditse motse sakana-la-nkope. Mohlanka enwa a re ho moporofeta: “A rona bale, monga ka! Re tla etsa jwang?”


Setjhaba sohle sa Juda se ne se eme kapele ho Morena, se ena le masea a sona, le basadi ba sona, le bana ba sona.


Morena, monga ka, mahlo a ka a tadimile ho wena, ke tshabela ho wena, se ntlohelle hore ke timele.


Mahlo a ka a tadimile Morena kamehla, hobane ke yena ya tshwasollang maoto a ka lerabeng.


Modimo, ako nkahlolele, o emele nyewe ya ka, o ntshireletse ho batho bana, batho bana ba se nang mohau, o ntopolle ho motho ya thetsang, o ntopolle le ho ya bolotsana.


dira di ke di ntelekise, di ntshware, di ke di nkgatakelle fatshe, di mpolaye, di nkepele leroleng.


Phutheho ya ditjhaba e ke e o bokanele; wena o dule hodimodimo, o e okamele.


Mafutsana a ke ke a leballwa ruri, tshepo ya bahlophehi e ke ke ya fetoha lefeela.


Tsoha, wena moahlodi wa lefatshe, o nee baikgohomosi moputso wa bona.


Morena o tla ahlolela ditjhaba, a fedise ho se utlwane hara tjhaba tse ngata; sabole tsa tsona di tla di etsa mehoma, marumo a tsona di a etse disekele, tjhaba di ke ke tsa hlola di nkelana disabole, di ke ke tsa hlola di itokisetsa dintwa.


Ha a ka ke a thekesela kapa a nyahama pelo, ho fihlela a tsitsisa toka lefatsheng. Dihlekehleke di tla itshepela molao, di itshepele molao wa hae.”


“Sokolohelang ho nna, le tle le pholohe, lona dipheletso tsohle tsa lefatshe; ke nna Modimo, ha ho na e mong.


“Ditjhaba di ke di itokise, di theohele ka Kgohlong ya Jehoshafate; ke tla dula kateng, ke di ahlole, ke ahlole tjhaba tsohle tse phuthehileng.


Ka re: ‘O ntahletse hole le wena, empa ke tla boela ke bone, ke bone Tempele ya hao, Tempele e halalelang.’


“Morena o tla ahlola, a ahlolele tjhaba sa hae, a utlwele bahlanka ba hae bohloko, ha a bona matla a bona a fedile, a sa siye mothopuwa kapa molokolohi.


Jwale ka bona lehodimo le butswe, ka ba ka bona pere e tshweu, mopalami wa yona e le ya bitswang Ya Tshepahalang, Wa Nnete; o na le toka ha a ahlola, leha a lwana.


Ka baka leo, ha ke a o sitelwa ka letho, mme o etsa hampe ka ho ntwantsha. Eka ka letsatsi lena Morena a ka ahlola pakeng tsa bana ba Iseraele le Baamone.”


Yaba Jonathane o re ho mohlankana ya neng a jere dihlomo tsa hae: “Tloo, re tshelele moo maqai ana a laletseng teng; mohlomong Morena o tla re thusa, hore re a hlole, ebang re bangata kapa re mmalwana, hobane ha ho letho le ka sitang Morena.”


Ke mmoleletse hore kahlolo ya ntlo ya hae e tla ba ya mehla yohle, ka baka la bokgopo ba yona, hobane o tsebile hore bana ba hae ba itliseditse thohako, empa ha a ka a ba kgalemela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ