2 Dikronike 2:6 - BIBELE6 Empa ke mang ya ka mo hahelang Tempele, haesitana le mahodimo a maholo hakaanakaana, a ke ke a mo lekana? Jwale ebe nna ke mang, hoo nka mo hahelang Tempele, haese feela ho haha sebakana sa ho mo tjhesetsa mahlabelo? အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)6 Empa ke mang ya ka tsebang ho mo hahela ntlo, ha esita le mahodimo, le mahodimo a mahodimo a sitwa ho mo kopa! Mme nna ke mang, ha ke tla mo hahela ntlo, haese hore ke mo tjhesetse dibano feela? အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Hirame e ne e le mora wa mosadi wa mohlolohadi wa morabe wa Nafthali. Ntatae e ne e le moahi wa Tire, e le sethudi sa lethose. Le yena Hirame o ne a hlalefile, a ena le kutlwisiso, le masene a ho etsa mesebetsi yohle e etswang ka lethose. Yaba o tla ho kgosi Solomone, mme a etsa mosebetsi wohle wa kgosi.
Sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha e le moo a tla dula teng, ke ho sona le tlang ho isa tsohle tseo ke le laetseng tsona: dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le dinyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona tse kgethehileng, tseo le di etseditseng Morena.