Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 2:4 - BIBELE

4 Bona, ke hahela Morena Modimo wa ka, Tempele moo a tla kgumamellwa teng, mme ke mo abela yona. Ke moo ke tla mo tjhesetsa mokubetso o monko o monate teng. Ke moo re tla bea bohobe bo halalelang teng, re etsetse le nyehelo ya setjheso teng, hoseng le mantsiboya, le ka disabatha, le ka mekete ya ho thwasa ha kgwedi, le ka mekete e halalelang ya Morena Modimo wa rona. Ena ke taelo ya kamehla yohle e laetsweng Baiseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Bona, ke rerile ho hahela lebitso la Jehova, Modimo wa ka, ntlo, ke tle ke mo kgethele yona, ke mo tjhesetse dibano tse nkgang hamonate ho yona, le ho mmeela kamehla mahobe a pontsha le ditjheso tsa hosasa le tsa mantsiboya, le tsa Disabatha, le tsa dikgwedi tse thwasang, le tsa mekete ya Jehova, Modimo wa rona, kamoo e leng tshwanelo ya Iseraele kateng, ka ho sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 2:4
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka leo, ke hopola ho hahela Morena Modimo wa ka ntlo, jwalokaha Morena a ile a bua ho Davida, ntate, a re: ‘Mora wa hao, eo ke tla mmea teroneng ya hao ho o hlahlama, ke yena ya tla nkgahela ntlo.’


Empa Morena a re ho Davida, ntate: ‘O ne o lakatsa ho nkgahela Tempele, mme ke hantle ha o ile wa lakatsa jwalo.


Solomone a etsetsa Morena sehlabelo sa teboho ka dipholo tse dikete tse pedi le mashome a mabedi, le ka dikgutshwane tse dikete tse lekgolo le mashome a mabedi. Yaba kgosi le bana bohle ba Iseraele ba kgakola ntlo ena ya Morena.


Davida a re: “Solomone, mora wa ka, o sa le monyenyane, o a tetema, mme Tempele e lokelang ho hahelwa Morena e tshwanela ho ba ntle haholo, e tume, e tlotlwe ke dinaha tsohle. Ha ho le jwalo, ke tla qalella ho etsa ditokiso tsa hore e tle e hahwe.” Kahoo, yare Davida a eso ka a eshwa, a etsa ditokiso tse kgolo.


Hoseng ho hong le ho hong, le ka phirimana e nngwe le e nngwe, ba nyehella Morena ka dinyehelo tsa setjheso, le ka mokubetso o monko o monate. Ba bile ba bea bohobe bo halalelang hodima tafole e hlwekileng; ba bonesa le mabone a hodima didulwana tsa kgauta, hore a tuke ka phirimana e nngwe le e nngwe, hobane re boloka taelo ya Morena Modimo wa rona, empa lona le mo furaletse.


Solomone a rera ho hahela Morena Tempele le ho ikgahela ntlo ya bokgosi.


le bakeng sa bohobe bo halalelang, le nyehelo ya dijo ya letsatsi ka leng, le nyehelo ya setjheso ya Sabatha se seng le se seng, le nyehelo ya ho thwasa ha kgwedi, le nyehelo ya mekete e kgethehileng, le nyehelo ya dintho tse halalelang, le nyehelo e tlosang sebe ho etsetsa setjhaba sa Iseraele tefelo ya sebe, bakeng sa mesebetsi yohle ya Tempele ya Modimo.


Morena, ha ho ya tshwanang le wena, ya tshwanang le wena hara medimo, ha ho mesebetsi e kang ya hao.


Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo, o tshabeha ho feta medimo yohle.


O tla bea bohobe bo halalelang tafoleng kamehla.”


“Arone o tla tjhesetsa mokubetso o nkgang hamonate hodima aletare; a o tjhese hoseng ho hong le ho hong ha a lokisa mabone.


O nkile mokotlana o tletse tjhelete, o tla kgutlela hae kgwedi e tolokile.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ