Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 2:3 - BIBELE

3 Solomone a romela molaetsa ho Hirame, kgosi ya Tire, a re: “Jwalokaha o ile wa sebetsa le Davida, ntate, wa mo romela difate tsa dikedare ho ikgahela ntlo, le nna ako sebetse le nna jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hape, Salomone a romela ho Hurame, morena wa Tire, a re: Nketsetse kamoo o etseditseng ntate Davida kateng, eo o kileng wa mo romela dikedare tsa ho ikgahela ntlo ya ho dula ho yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 2:3
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hirame, kgosi ya Tire, a roma maqosa ho Davida. A romela difate tsa dikedare, le dibetli, le dihahi, mme tsa hahela Davida ntlo.


Jwale kgosi Hirame wa Tire a romela maqosa ho Davida; a ba a mo romella le mapolanka a kedare, le dibetli tsa majwe le tsa mapolanka, ho ya mo hahela ntlo.


Hoseng ho hong le ho hong, le ka phirimana e nngwe le e nngwe, ba nyehella Morena ka dinyehelo tsa setjheso, le ka mokubetso o monko o monate. Ba bile ba bea bohobe bo halalelang hodima tafole e hlwekileng; ba bonesa le mabone a hodima didulwana tsa kgauta, hore a tuke ka phirimana e nngwe le e nngwe, hobane re boloka taelo ya Morena Modimo wa rona, empa lona le mo furaletse.


Ha ba se ba e qetile, ba tlisa tjhelete e setseng ho kgosi le ho Jehoyada, mme ka yona ha etswa thepa ya Tempele ya Morena, le dintho tse sebeletsang, le tsa ho etsa dinyehelo, le dikgaba, le dintho tse entsweng ka kgauta, le ka silefera. Ka matsatsi wohle a ho phela ha Jehoyada, ba nna ba etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso ka Tempeleng ya Morena.


Solomone a etsa dintho tsohle tsa Tempele ya Morena, le aletare ya kgauta, le ditafole tse neng di bea bohobe bo halalelang.


A etsa ho ya kamoo ho neng ho hlokahala kateng ka letsatsi le letsatsi, ho latela molao wa Moshe o amanang le disabatha, le mekete ya ho thwasa ha kgwedi, le mekete e meraro e halalelang, e leng mokete wa bohobe bo sa lomoswang, mokete wa dibeke, le mokete wa maphephe.


“Ka selemo sa pele sa puso ya hae, kgosi Siruse a etsa taelo malebana le Tempele ya Modimo e Jerusalema. Taelo eo e ne e re: ‘Ho hahwe Tempele, e leng sebaka seo ho tla nyehellwa mahlabelo ho sona, mme metheo ya yona e tiye. Bophahamo ba yona e be dimethara tse mashome a mabedi a metso e supileng, bophara ba yona e be dimethara tse mashome a mabedi a metso e supileng.


“Re etsa lotho hara baprista, le Balevi, le setjhaba, hore re tle re bone hore na ke bo-mang, ho ya ka malapa abo bona, ba tla tlisa patsi ya nyehelo ka Tempeleng ya Modimo ka dinako tse beilweng ka selemo le selemo, e leng patsi e tla beswa hodima aletare ya Morena Modimo wa rona, jwalokaha ho ngotswe Molaong.


O tla bea bohobe bo halalelang tafoleng kamehla.”


“Sena ke seo o tla nyehela ka sona aletareng, ka tsatsi le leng le le leng, e le sehlabelo sa kamehla yohle: dikonyana tse pedi, tse nang le selemo.


Konyana ya pele o nyehele ka yona hoseng; konyana ya bobedi o nyehele ka yona mantsiboya.


Konyana ya bobedi o tla nyehela ka yona mantsiboya, mme nyehelo ya dijo le ya dino e be jwaloka ya hoseng; e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.


“Arone o tla tjhesetsa mokubetso o nkgang hamonate hodima aletare; a o tjhese hoseng ho hong le ho hong ha a lokisa mabone.


“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Dinako tsa mekete ya Morena, tseo le tla di phatlalatsa e le dinako tsa diphutheho tse halalelang, tsa mekete ya ka, ke tsena.”


A tlisa nyehelo ya phofo, a e ngwatha ka seatla, a e tjhesetsa hodima aletare, kathoko ho nyehelo ya setjheso seo a ileng a se etsa e sa le hosasa.


“ ‘Ka letsatsi la pele la kgwedi e nngwe le e nngwe o tla nyehella Morena ka nyehelo ya setjheso, e be dipohwana tse pedi, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse se nang sepha.


“ ‘Ka letsatsi la Sabatha o tla nyehela ka dikonyana tse pedi tse tona, tse nang le selemo, tse se nang sepha, le ka dikilo tse pedi tsa phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, le ka nyehelo ya seno e tsamayang le tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ