Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 2:16 - BIBELE

16 Rona re tla rema difate tsohle tseo o di hlokang, mona Lebanone, re di tlamahanye, re di akgele lewatleng, di sike le lebopo di phaphametse, ho ya fihla Jopo. Jwale wena o tla di nka, o di ise Jerusalema.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 rona, re tla rema difate tsa Lebanone, kahohle kamoo o ka di batlang kateng, re o isetse tsona ka lewatle, di kopantswe hammoho, re di fihlise Jafo; wena o tla di lata teng, o be o di nyolosetse Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 2:16
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a laela hore ho phuthwe baditjhaba ba neng ba le kahara naha ya Iseraele, mme a kgetha dibetli tsa majwe a tla haha Tempele ya Modimo.


Setjhaba sohle sa Juda sa nyakalla hammoho le baprista le Balevi le bohle ba neng ba phuthehile, ba etswa naheng ya Iseraele, le baditjhaba ba neng ba etswa naheng ya Iseraele, le ba neng ba phela naheng ya Juda.


Masalla wohle a setjhaba sa Bahete, le sa Baamore, le sa Baperise, le sa Bahife, le sa Bajebuse, ao e neng e se Baiseraele,


e leng ditloholo tsa bona, tse ileng tsa sala naheng eo, tseo bana ba Iseraele ba sa kang ba di timetsa, a di fetola makgoba ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.


Yaba ba lefa ba betlang majwe, le ba betlang mapolanka. Ba nea Basidone le Batire dijo, le dino, le ole, hore bao ba ba tlisetse difate tsa kedare, tse tswang Lebanone, ba ba isetse tsona lewatleng la Jopo, ho ya kamoo Siruse, kgosi ya Peresiya, a neng a laetse kateng.


Empa Jonase a tsamaya, a balehela Tarashishe hore a be hole le Morena. A theohela Jopo, moo a fumaneng sekepe se lebang Tarashishe. Hoba a lefelle leeto, a kena ka sekepeng, hore a tle a ye Tarashishe mmoho le basesisi ba sona, hole le Morena.


Dintho tsohle di bile teng ka lona, mme ha ho letho le bileng teng haese ka lona.


Ka baka leo, romela Jopo, o bitse Simone ya bitswang Petrose: ke moeti ha Simone, sesuhi sa matlalo, ya ahileng pela lewatle.’


Motseng wa Jopo ho ne ho ena le morutuwa ya bitswang Tabitha, e leng ho re Dorokase. Mosadi enwa o ne a etsa mesebetsi e mengata, e molemo, a etsetsa le mafutsana dithuso tse ngata.


Kaha Lida e le haufi le Jopo, barutuwa ha ba utlwa hore Petrose o Lida, ba roma banna ba babedi ho yena, ba mo rapela, ba re: “O se ke wa dieha ho tla ho rona.”


Taba ena ya tsejwa hohle Jopo, mme ba bangata ba dumela ho Morena.


Petrose a hlola Jopo matsatsi a mangata, ha motho e mong ya bitswang Simone, sesuhi sa matlalo.


le Me-Jarekone, le Rakone, le naha e tobaneng le Jafo.


Empa ho tloha ka lona letsatsi leo, Joshua a ba etsa makgoba a rwallelang setjhaba patsi, a se kgellang metsi, le a rwallelang aletare ya Morena patsi, le a e kgellang metsi sebakeng seo Morena a tla se kgetha, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ