Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 2:15 - BIBELE

15 “Ka baka lena, monga ka a ke a romele koro, le harese, le veine, le ole, e leng tseo a buileng ka tsona, ho rona bahlanka ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Jwale, monga ka a ke a romele bahlanka ba hae koro, le harese, le ole, le veine tseo a di boletseng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 2:15
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka selemo se seng le se seng Solomone a nea Hirame dikilo tse ka bang dimilione tse pedi tsa koro, le dilethara tse ka bang dikete tse makgolo a mane tsa ole e hlwekileng ya mohlwaare, ho fepa lelapa la hae.


Ke tla o romela koro e etsang boima ba dithane tse dikete tse pedi, le harese e etsang boima ba dithane tse dikete tse pedi, le veine e etsang dilethara tse dikete tse makgolo a mane, le ole ya mohlwaare e etsang dilethara tse dikete tse makgolo a mane, hore e be dijo tsa bahlanka ba hao ba tla rema difate.”


Rona re tla rema difate tsohle tseo o di hlokang, mona Lebanone, re di tlamahanye, re di akgele lewatleng, di sike le lebopo di phaphametse, ho ya fihla Jopo. Jwale wena o tla di nka, o di ise Jerusalema.”


Yaba ba lefa ba betlang majwe, le ba betlang mapolanka. Ba nea Basidone le Batire dijo, le dino, le ole, hore bao ba ba tlisetse difate tsa kedare, tse tswang Lebanone, ba ba isetse tsona lewatleng la Jopo, ho ya kamoo Siruse, kgosi ya Peresiya, a neng a laetse kateng.


“Tlotla ya Lebanone e tla tliswa ho wena: Difate tsa modutu le tsa phaene, le tsa kiperese, tsena di tla tliswa ho kgabisa sehalalelo sa ka, mme ke tla tlotlisa Tempele eo ke ahileng ho yona.


Empa Jonase a tsamaya, a balehela Tarashishe hore a be hole le Morena. A theohela Jopo, moo a fumaneng sekepe se lebang Tarashishe. Hoba a lefelle leeto, a kena ka sekepeng, hore a tle a ye Tarashishe mmoho le basesisi ba sona, hole le Morena.


le Me-Jarekone, le Rakone, le naha e tobaneng le Jafo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ