Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 2:13 - BIBELE

13 “Jwale ke o romela monna ya bohlale, ya nang le kutlwisiso, ya bitswang Hurame.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Jwale, ke o romela monna ya masene, ya kelello, Hurame-Abi;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 2:13
5 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgosi Solomone a roma maqosa Tire, ho ya lata Hirame.


Hirame a tswela pele, a re: “Ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, ya entseng lehodimo le lefatshe, ya neileng Davida mora ya bohlale, ya nang le kelello le kutlwisiso, ya tla hahela Morena Tempele, a be a ikgahele ntlo ya bokgosi.


Ke mora wa mosadi e mong wa ba morabe wa Dane. Ntatae o ne a ahile Tire. Monna enwa o tseba ho etsa dintho tsa kgauta, le tsa silefera, le tsa lethose, le tsa tshepe; le ho betla majwe, le ho etsa dintho tsa lehong, le tsa masela a perese, le a maputswa, le a lene e lohehileng, le a mafubedu. O tseba le ho etsa moralo wa ntho efe le efe, le ho etsa setshwantsho sa ntho efe le efe eo ho thweng a e etse. Monna enwa o tla sebetsa le ditsebi tsa hao, le ditsebi tsa monga ka Davida, ntatao.


“Ka lebaka lena, ako nthomelle monna wa setsebi, ya tsebang ho etsa dintho tsa kgauta, le tsa silefera, le tsa lethose, le tsa tshepe; ya tsebang le ho etsa masela a perese, le a mafubedu, le a maputswa; ya tla tseba ho rala ditshwantsho, a sebetse le banna ba ditsebi, bao ke nang le bona mona naheng ya Juda le Jerusalema, bao Davida, ntate, a seng a ba hlophile.


le dipitsa, le dikgarafu, le difereko, le dintho tsohle tsa tsona. Dintho tsohle tseo Hurame a neng a di etseditse kgosi Solomone, bakeng sa Tempele ya Morena, e ne e le tsa lethose le phatsimang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ