Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 19:8 - BIBELE

8 Le motseng wa Jerusalema Jehoshafate a kgetha baahlodi hara Balevi, le hara baprista, le hara dihlooho tsa malapa a Iseraele, hore ba ahlolele Morena, mme ba fedise diqabang. Ba ne ba ahile Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Eitse hobane ho kgutlelwe Jerusalema, Josafate a boela a bea Balevi Jerusalema le baprista le dihlooho tsa matlo a bontata Baiseraele, ho tshwara dikahlolo tsa Jehova le dinyewe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 19:8
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene ba bona ba bewa ho okamela mesebetsi ya Tempele ya Morena; ba dikete tse tsheletseng bona ya eba batsamaisi ba ditaba tsa naha ya Iseraele le baahlodi.


Hara ditloholo tsa Isihare, Kenaniya le bara ba hae ba ne ba abetswe mosebetsi wa ho tsamaisa ditaba tsa naha ya Iseraele, e le bangodi le baahlodi.


“Moprista e Moholo Amariya, ke yena ya tla le okamela ditabeng tsohle tsa Morena. Sebadiya, mora wa Ishemaele, mmusi wa setjhaba sa Juda, o tla le okamela ditabeng tsohle tsa kgosi, mme Balevi e tla ba basebeletsi ba lona. Sebetsang ka sebete, mme Morena a ke a thuse ba lokileng.”


A ba laela, a re: “Le tshabe Morena, le mo sebeletse ka botshepehi, le ka dipelo tse se nang mano.


Ke moo ditulo tsa kahlolo di leng teng, ditulo tsa ntlo ya Davida.


“ ‘Nyeweng e nngwe le e nngwe baprista e tla ba bona baahlodi, mme ba tla diha nyewe ho ya ka melao ya ka. Ba tla boloka melao ya ka le ditaelo tsa ka diphuthehong tsohle, ba halaletse Disabatha tsa ka.


Baprista, e leng bara ba Levi, ba tla atamela, hobane bona ba kgethilwe ke Morena Modimo wa hao, hore ba mo sebeletse, mme ba hlohonolofatse ka lebitso la Morena. Kgang efe kapa efe, le kotsi efe kapa efe, e tla ahlolwa ho ya ka qeto ya bona.


“Ha ho ena le tsekisano pakeng tsa banna, ba tla tla lekgotleng la boahlodi, mme baahlodi ba ba ahlolele. Ba tla lokolla ya se nang molato, ba ahlole ya molato.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ