2 Dikronike 19:7 - BIBELE7 Ka baka leo, tshabang Morena. Elang hloko, mme le sebetse jwalo. Modimo wa rona ha a sothe toka, ha a ye ka tshobotsi, ha a batle tjotjo.” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)7 Le ke le tshabe Jehova ho qala jwale, le etse ka kelello, hobane Jehova, Modimo wa rona, ha a na bokgopo, ha a ye ka tshobotsi ya batho, mme ha a amohele dimpho. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Babusisi ba neng ba bile teng pele ho nna, ba ne ba imeditse setjhaba, ba nka dijo le veine ya sona, ntle ho ditjhelete tsa silefera tse ka etsang boima ba dikeramo tse mashome a tsheletseng, tseo e neng e le lekgetho la letsatsi ka leng, la motho ka mong. Esita le bahlanka ba bona ba ne ba ikalatisa hodima setjhaba. Empa nna ha ke a ka ka etsa jwalo, ka lebaka la ho tshaba Modimo.