Ha tsena di fetile, Davida a botsa Morena, a re: “Na nka nyolohela ho o mong wa metse ya Juda?” Morena a re ho yena: “Nyoloha.” Davida a re: “Ke nyolohele ho ofe?” Morena a re: “Nyolohela Heborone.”
Davida a botsa Morena, a re: “Na nka futuhela Bafilesita? Na o tla neelana ka bona matsohong a ka?” Morena a re ho Davida: “Futuha, hobane ke tla fela ke neelane ka Bafilesita matsohong a hao.”
Davida a boela a botsa Morena, mme Morena a re: “O se ke wa ba futuhela o ba tobile; o ba pote kamorao, o ba futuhele o se o hlaha pela difate tsa monokotshwai.
Akabe, kgosi ya Iseraele, a re ho Jehoshafate, kgosi ya Juda: “Na o tla ya le nna, re futuhele Rama e Gileade?” Jehoshafate a araba, a re ho yena: “Rona le wena re ntho e le nngwe. Setjhaba sa ka ke setjhaba sa hao. Re tla futuha le wena.”
Kgosi ya kgobokanya baporofeta ba ka bang makgolo a mane, ya re ho bona: “Na re ka futuhela Rama e Gileade, kapa tjhe?” Ba re ho kgosi: “Futuha, hobane Morena o tla neelana ka Rama e Gileade matsohong a kgosi.”
Empa kgosi ya Juda, e le rometseng ho tla e botsetsa Morena, le tle le e bolelle, le re: ‘Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena, malebana le mantswe ao o a utlwileng.
Ntho e le nngwe feela eo ke e kopang, eo ke e batlang ho Morena, ke hore ke phele ka tlung ya Morena ka matsatsi wohle a bophelo ba ka, ke tle ke bohe bokgabane ba Morena, ke bo nahanisise ke le ka Tempeleng ya hae.
“Re a o kopa: Ako re buelle ho Morena, hobane Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, o a re futuhela. Mohlomong Morena o tla re etsetsa mohlolo jwalokaha a ne a etse ka nako e fetileng, mme eo a se ke a hlola a re futuhela.”
“Wena ngwana motho, bua le baholo ba Iseraele, o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Na le tlile ho mpotsa? Ke a le hlapanyetsa, ho rialo Morena Modimo, ha nka ke ka le dumella ho mpotsa.’
Yaba Davida o botsa Morena, o re: “Na nka futuhela Bafilesita baa?” Morena a re ho Davida: “Eya, o futuhele Bafilesita, mme o namolele motse wa Keila.”