Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 18:26 - BIBELE

26 le re: ‘Kgosi e bua tjena: Hlahlelang monna enwa tjhankaneng, le mo sotle ka ho mo phedisa ka bohobenyana le ka metsinyana feela, ho fihlela ke kgutla ka kgotso.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ho itswe ke morena: Kenyang monna enwa teronkong, le mo fepe bohobe ba matshwenyeho le metsi a matshwenyeho, ke be ke boye ka kgotso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 18:26
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Asa a halefela moporofeta, a ba a mo kenya tjhankaneng. O ne a mo halefetse ka baka la polelo ena, mme ka yona nako eo Asa a phedisa batho ba bang ka thata.


Empa kgosi ya re ho yena: “Eka kgona ke o laele hakae hore o se mpolelle letho, haese nnete feela, ka lebitso la Morena?”


Kamehla o atleha mererong ya hae, dikahlolo tsa hao di mo phahametse, dira tsa hae tsohle o di tadima maotong.


Dira tsa ka di ntlaka kamehla, ba nkgalefetseng ba nyefola lebitso la ka.


Morena, Modimo wa mabotho, o tla re halefela ho fihlela neng, rona tjhaba sa hao se o rapelang?


Motho ya bohlale o tshaba bobe, o a bo ila, empa sethoto se a tlatselela, se a itshepa.


Leha Morena a le fepa bohobe ba matshwenyeho, a le nwesa metsi a ditsietsi, baruti ba lona ba ke ke ba hlola ba pateha, empa le tla ba bona ka mahlo a lona.


Yaba kgosi e laela kgosana Jerahameele, le Seraya, mora wa Aseriele, le Shelemiya, mora wa Abedele, hore ba tshware Baruke, eo e neng e le mongodi, le moporofeta Jeremia, empa Morena a ba pata.


Yaba babusi ba halefela Jeremia haholo, ba a mo shapa, ba mo kenya tjhankaneng, ka tlung ya Jonathane, eo e neng e le mongodi wa puso, e leng ntlo eo ba neng ba e fetotse tjhankana.


Empa Bafarisi, ha ba utlwa hona, ba re: “Enwa ha a leleke bademona, haese ka Beele-Sebule, morena wa bademona.”


Thabang, le nyakalle, hobane moputso wa lona o moholo mahodimong; etswe baporofeta ba bileng teng pele ho lona ba hlorisitswe jwalo.”


La qala ho mo qosa, la re: “Re fumane monna enwa a kgelosa setjhaba sa rona, a thibela ha ho ntshetswa Sesare lekgetho, mme a ipolela hore ke Kreste, Kgosi.”


Ba mo mamela ho fihlela a bolela polelo ena, ba nto howa, ba re: “Tlosang motho ya tjena lefatsheng, hobane ha a lokele ho phela.”


ba tshwara baapostola, ba ba hlahlela tjhankaneng ya setjhaba.


Na ke bahlanka ba Kreste? Ke bua jwaloka lehlanya, ke re: Ke a ba feta! Ke sebeditse ka thata ho ba feta, ke bile tjhankaneng hangata ho ba feta, ka shapuwa haholo ho ba feta, mme ka makgetlokgetlo ke bile ntshing tsa lefu.


“Ho se be eo ereng ha a utlwa mantswe a kano ena, a re: ‘Ke tla phela ka kgotso, leha nka latela boithatelo ba pelo ya ka, hobane ba kgopo le ba lokileng ba tla timela ka ho tshwana.’


Ba bang ba ile ba feta hara ditshomo le ditjhapo, ba kenngwa ditlamong le ditjhankaneng.


Baahi ba lefatshe ba tla di tlaka, ba thabe, ba romellane dimpho, hobane baporofeta bao ba babedi ba ne ba ile ba ba tshwenya haholo.


Davida o ne a qeta ho re: “Ruri ke sebeleditse ntata selala ka ho baballa tsohle tseo monna enwa a neng a ena le tsona kwana lehwatateng, hoo a sa kang a lahlehelwa ke letho la tsohle tsa maruo a hae. Jwale o mputsitse ka bobe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ