Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 18:2 - BIBELE

2 Hoba ho fete dilengwana, a theohela Samaria ho Akabe. Akabe a hlabela Jehoshafate le batho ba neng ba ena le yena dinku tse ngata, le dikgomo tse ngata, a ba a mo hlohleletsa hore a futuhele Rama e Gileade.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Kamora dilemo tse itseng, a theohela ho Akabe, Samaria. Akabe a mo hlabela yena le setjhaba seo a ileng le sona manku le makgomo a mangata, mme a mo hlohlelletsa ho futuhela Ramothe-Gileade.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 18:2
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka tsatsi le leng Adoniya a etsa mahlabelo ka dinku, le ka dipholo, le ka manamane a nontshitsweng, a di hlabela Fikanoha, haufi le Sediba sa Rogele. A mema bana babo bohle, e leng bara ba kgosi, le banna bohle ba Juda, e leng matona a kgosi.


Kamora nakwana molatswana oo wa epsha, hobane pula e ne e sa ne.


Mora wa Gebere a le Rama e Gileade, o ne a okametse metse ya Jaire, mora wa Manase. Metse eo e ne e le Gileade. O ne a bile a okametse Aregobe e Bashane. Kaofela e ne e le metse e mashome a tsheletseng, e meholo, e nang le marako, le mekwallo ya lethose.


Elisha, moporofeta wa Modimo, a bitsa e mong wa sehlopha sa baporofeta, a re ho yena: “Itlame letheka, o nke lenaka lena la ole, o ye Rama e Gileade.


Akabe, kgosi ya Iseraele, a re ho Jehoshafate, kgosi ya Juda: “Na o tla ya le nna, re futuhele Rama e Gileade?” Jehoshafate a araba, a re ho yena: “Rona le wena re ntho e le nngwe. Setjhaba sa ka ke setjhaba sa hao. Re tla futuha le wena.”


Jehu, mora wa Hanani wa moporofeta, a ya mo kgahlanyetsa, mme a re ho kgosi Jehoshafate: “Na ke hantle ho thusa batho ba kgopo, le ho rata ba hloileng Morena? Ka baka leo, Morena o o halefetse.


Empa ka nako ena yohle, nna Nehemia, ke ne ke se Jerusalema, hobane ka selemo sa mashome a mararo a metso e mmedi sa puso ya Aretaseresese, kgosi ya Babilona, ke ne ke ye ho yena. Kamora nako e itseng ka kopa hore kgosi e ntokolle, ke tsamaye.


Motse wa Besere, o lehwatateng, phuleng, e ne e le wa morabe wa Rubene; wa Rama, o Gileade, e le wa morabe wa Gade; wa Golane, o Bashane, e le wa morabe wa Manase.


Kamose wane ho Jorodane, ka botjhabela ho Jeriko, morabeng wa Rubene, ba kgetha Besere e lehwatateng le phuleng; morabeng wa Gade ba kgetha Rama e Gileade; morabeng wa Manase ba kgetha Golane e Bashane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ