Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 18:16 - BIBELE

16 Mmikiya a re: “Ke bona Baiseraele bohle ba qhalakane hodima dithaba, jwaloka dinku tse se nang modisa, mme Morena o re: ‘Bana ha ba na monga bona: Motho ka mong a ipoelle ha hae ka kgotso!’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Mikea a re: Ke bone Baiseraele bohle ba qhalane dithabeng, jwaloka dinku tse se nang modisa; Jehova o re: Ha ba na morena; e mong le e mong a ipoelle hae ka kgotso!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 18:16
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka leo, matlafalang, le be bahale le hoja monga lona Saule a shwele, ba morabe wa Juda ba se ba ntlotsitse hore ke be kgosi ya bona.”


Mehleng ya ha Saule e ne e le kgosi ya rona, e ne e le wena ya etellang Baiseraele pele ha ba futuha. Morena a na a re ho wena: ‘O tla disa setjhaba sa ka sa Baiseraele, mme o tla ba kgosi ya Iseraele.’ ”


Mmikiya a re: “Ke bona Baiseraele bohle ba qhalakane hodima dithaba, jwaloka dinku tse se nang modisa, mme Morena o re: ‘Bana ha ba na monga bona: Motho ka mong a ipoelle ha hae ka kgotso.’ ”


le kgethe e mong wa bara ba monga lona, eo le bonang a lokela, a bile a tshwanela, le mmee teroneng ya ntatae, mme le lwanele ntlo ya monga lona.”


Empa kgosi ya re ho yena: “Eka kgona ke o laele hakae hore o se mpolelle letho, haese nnete feela, ka lebitso la Morena?”


Yaba kgosi ya Iseraele e re ho Jehoshafate: “Na ha ke a ka ka o bolella hore a ke ke a mporofetela tse molemo, ha e se tse mpe feela?”


Ke a hlapanya, ho rialo Morena. Dinku tsa ka di fetohile lelobelo, mme di jewa ke dibatana tsohle tsa naha, ka baka la ho hloka modisa. Badisa ha ba a ka ba batla mohlape wa ka, empa ba ile ba iphepa ba le bang, ba se ke ba fepa mohlape wa ka.


Metse ya hao ke tla e ripitla, wena ke o fetole, o be nanaola; kahoo a tla tseba hore ke nna Morena.


Dipolelo tsa medingwana ke tsa bohata, pono tsa bonwang ke dinohe ke tsa leshano, di bolela toro tse se nang nnete. Matshediso a dinohe tsena ha a na thuso; setjhaba se lelera sa mohlape-maitisi, se tsielehile ke ho hloka modisa.


“Tsoha, wena sabole, o lwantshe modisa wa ka, o lwantshe yena ya haufi le nna!” ho rialo Morena wa mabotho. “Otla modisa, dinku di tle di qhalane; nna ke tla otla le dikonyana.


ya tla se etella pele, ya tla tswa le sona, ya tla kgutla le sona, e le hore setjhaba sa Morena se se ke sa ba jwaloka dinku tse hlokang modisa.”


Jesu a re: “Wena o rialo. Empa ke a le bolella, ke re: “Ho tloha jwale le tla bona Mora Motho a dutse letsohong le letona la Ya Matla, mme a etla a le hodima maru a lehodimo.”


Ha a bona batho, a ba utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse matla, ba saretswe jwaloka dinku tse se nang modisa.


Jesu ha a etswa ka sekepeng, a bona letshwelehadi, a le utlwela bohloko, hobane le ne le le jwaloka dinku tse hlokang modisa, mme a qala ho le ruta ditaba tse ngata.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ