Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 17:9 - BIBELE

9 Ba ruta hohle naheng ya Juda, ba nkile Buka ya Molao wa Morena. Ba ya metseng yohle ya Juda ba ntse ba ruta setjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ba ya le naha ya Juda ba ntse ba ruta, ba tshwere buka ya molao wa Jehova, mme ba ya le metse yohle ya Juda, ba ntse ba ruta setjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 17:9
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

E se e le nako e telele Baiseraele ba se na Modimo wa nnete, ba hloka le moprista ya ba rutang, ba hloka le molao.


Le motseng wa Jerusalema Jehoshafate a kgetha baahlodi hara Balevi, le hara baprista, le hara dihlooho tsa malapa a Iseraele, hore ba ahlolele Morena, mme ba fedise diqabang. Ba ne ba ahile Jerusalema.


A re ho Balevi ba neng ba ruta Iseraele yohle, ba neng ba halaleleditswe Morena: “Beang areka e halalelang ka Tempeleng eo Solomone, mora wa Davida, kgosi ya Iseraele, a neng a e hahe; le se ke la hlola le sa e jara ka mahetla a lona. Jwale sebeletsang Morena Modimo wa lona, le setjhaba sa hae sa Iseraele.


Bo-Jeshua, le Bani, le Sherebiya, le Jamine le Akube, le Shabetai, le Hodiya, le Maasiya, le Keleta, le Asariya, le Josabada, le Hanane, le Pelaya, e leng Balevi, ba hlalosetsa setjhaba Molao, setjhaba sona se ntse se eme ditulong tsa sona.


Hlahlobang molao le bopaki ba ka! Haeba ba sa bue ho ya ka dipolelo tsena, ke hobane ha ho na lesedi le ba tjhabelang.


“Dipolelo tsa moprista di tshwanela hore e be tse nang le tsebo, e le hore batho ba tle ba ithute ka tsona, hobane moprista ke leqosa la Morena wa mabotho.


Ha ba le hlorisa motseng o mong, balehelang ho o mong, hobane ruri ke a le bolella, ha le ka ke la qeta metse ya Iseraele Mora Motho a eso tle.


Yare ha Jesu a qetile ho laela barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a tloha moo ho ya ruta le ho phatlalatsa molaetsa o molemo metseng ya habo bona.


Le fuputsa Mangolong, hobane le hakanya hore ka wona le na le bophelo bo sa feleng, athe ke wona a mpakang,


Hoja le dumetse Moshe, le ka be le ntumetse, hobane o buile ka nna.


Yare hoba ba bale Molao le Baporofeta, baokamedi ba ntlo ya thapelo ba romela ho bona, ba re: “Banna ba heso, haeba le ena le lentswe le leng la ho kgothatsa batho bana, buang.”


hobane ho tloha melokong ya kgalekgale, ho bile le ba rutang tsa Moshe motseng o mong le o mong, di balwa matlung a thapelo ka Sabatha se seng le se seng.”


Ha ba se ba mo kgethetse letsatsi, ba bangata ba tla ho yena, moo a dulang teng. A ba hlalosetsa, a paka tsa Mmuso wa Modimo. Ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboya a leka ho ba kgodisa ka tsa Jesu, a ipapisitse le Molao wa Moshe le Baporofeta.


Empa Filipi a iphumana a se a le Ashedode, a ntse a bolela molaetsa o molemo metseng yohle eo a fetang ho yona, ho fihlela a kena Sesaria.


E mengata. Haholoholo ke hobane Bajuda ba tshepetswe ho boloka dipolelo tsa Modimo.


Ya buang a bue tsa Modimo; ya sebeletsang a sebeletse ka matla ao a a filweng ke Modimo; e le hore Modimo a tle a tlotliswe dinthong tsohle ka Jesu Kreste, eo tlotla le matla e leng tsa hae kamehla le mehla. A ho be jwalo!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ