Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 17:7 - BIBELE

7 Ka selemo sa boraro sa puso ya hae, a romela mahosana a hae, e leng Bene-Haile, le Obadiya, le Sekariya, le Netanele, le Mmikiya, ho ya ruta metseng ya Juda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ka selemo sa boraro sa ho busa ha hae, a roma mahosana a hae, boBene-Haile, Obadia, Sakaria, Nethaneele, le Mikea, hore ba ye ho ruta metseng ya Juda;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 17:7
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

E se e le nako e telele Baiseraele ba se na Modimo wa nnete, ba hloka le moprista ya ba rutang, ba hloka le molao.


Hesekiya a kgothatsa Balevi bohle ba neng ba bonahala ba utlwisisa tshebeletso ya Morena. Ka matsatsi a supileng ba eja, ba etsa dinyehelo tsa teboho, mme ba boka Morena Modimo wa bo-ntata bona.


A re ho Balevi ba neng ba ruta Iseraele yohle, ba neng ba halaleleditswe Morena: “Beang areka e halalelang ka Tempeleng eo Solomone, mora wa Davida, kgosi ya Iseraele, a neng a e hahe; le se ke la hlola le sa e jara ka mahetla a lona. Jwale sebeletsang Morena Modimo wa lona, le setjhaba sa hae sa Iseraele.


“Jwale wena, Esera, ho ya ka bohlale boo Modimo wa hao a o neileng bona, o kgethe babusi, le baahlodi, hore ba tle ba ahlolele batho bohle ba ka bophirimela ho noka ya Euferatese, e leng bohle ba tsebang Molao wa Modimo. Ba sa o tsebeng, o ba rute wona.


Ba qeta dihora tse tharo ba ntse ba eme, ba ballwa Bukeng ya Molao wa Morena Modimo wa bona. Ka dihora tse ding tse tharo ba ipolela dibe, mme ba kgumamela Morena Modimo wa bona.


Leha barui ba ka futsaneha, ba lapa, ba batlang Morena ba ke ke ba hloka, ba ke ke ba hloka letho le molemo.


O se ke wa ntelekela hole le wena, wa nkamoha Moya wa hao, Moya o Halalelang.


Nna, Moruti, ke ne ke le kgosi ya Iseraele, motseng wa Jerusalema.


Dikgosi e tla ba bahodisi ba hao, kgosatsana tsa tsona e be baanyesi ba hao. Di tla o obamela fahleho di tadimile fatshe, di be di nyeke lerole le maotong a hao. Ke moo o tla tseba hore Morena ke nna, hobane ba ntshepileng ba ke ke ba hlajwa ke dihlong.”


Jwale ho tla tliswa majwe a matjha, a hahellwe sebakeng sa majwe a kgale, mme ho dujwe seretse se setjha, ho dilwe mabota a ntlo.


Lapeng la Isakare e be Netanele mora wa Suare.


Jesu a tsamaya le Galelea yohle, a ntse a ruta matlung a thapelo a teng, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mmuso, a fodisa mafu le malwetse wohle setjhabeng.


A ba ruta ditaba tse ngata ka ditshwantsho, mme thutong ya hae a re ho bona:


Theofile ya kgabane, bukeng ya ka ya pele ke ngotse tsohle tseo Jesu a ileng a di etsa le ho di ruta ho tloha qalong,


Ba tla ruta Jakobo taelo tsa hao, ba rute Iseraele Molao wa hao. Ba tla o tlisetsa mokubetso, ba etse nyehelo ya setjheso, ba e etse aletareng ya hao.


“Bonang, ke le rutile melao le ditaelo, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a ntaetse, e le hore le tle le etse jwalo naheng eo le yang ho yona, hore e be ya lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ