Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 17:14 - BIBELE

14 Palo ya bahlabani bana, ho ya ka malapa abo bona, ke ena: Ho ba morabe wa Juda, Adena e ne e le mookamedi wa balaodi ba ba sekete; a okametse bahale ba dikete tse makgolo a mararo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ke ena palo ya bona, ha ho uwa ka matlo a bontata bona. Lelokong la Juda, balaodi ba dikete e ne e le Adna, molaodi wa bahale ba dikete tse makgolo a mararo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 17:14
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, ke tumise lebitso la hao, mme ba bang ba tla hlohonolofala ka wena.


Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo ka lerole la lefatshe, mme haeba ho na le motho ya ka balang lerole la lefatshe, le ditloholo tsa hao a ka di bala.


A mo nkela kantle mme a re ho yena: “Tadima lehodimong, mme o bale dinaledi, haeba o ka tseba ho di bala;” mme a re: “Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo.”


Ha Rehoboame a fihla Jerusalema, a kgobokanya banna bohle ba morabe wa Juda le ba morabe wa Benjamine; e le mokgetho wa bahlabani ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi. Ba ne ba ilo lwantsha Baiseraele hore ba hape mmuso, ba o kgutlisetse ho yena.


Abiya a thea theko ya ntwa ka mokgetho wa bahale ba dikete tse makgolo a mane. Jeroboame le yena a thea theko ya ntwa ka mokgetho wa bahale ba dikete tse makgolo a robedi.


Asa o ne a ena le lebotho la bahlabani ba dikete tse makgolo a mararo, ba tswang naheng ya Juda, ba neng ba hlometse ka dithebe le marumo, le ba dikete tse makgolo a robedi, ba tswang naheng ya Benjamine, ba neng ba hlometse ka dithebe le diqha. Bahlabani bana kaofela e ne e le bahale.


A ba le dibaka tse ngata tsa polokelo metseng ya Juda. Jerusalema teng o ne a ena le bahlabani ba bahale.


E mong e ne e le Jehohanane, eo e neng e le molaodi wa bahale ba dikete tse makgolo a mabedi le mashome a robedi;


Baokamedi ba ne ba laola lebotho le matla la bahlabani ba dikete tse makgolo a mararo a metso e supileng le makgolo a mahlano. Ba ne ba ka futuha ka matla a tshabehang ho thusetsa kgosi ho dira tsa yona.


Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, ba kgobokanya setjhaba sohle. Monna e mong le e mong, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, a bolela lebitso la hae le leloko la hae, ho ya ka morabe wa hae le lelapa la hae.


“Balang setjhaba sohle sa bana ba Iseraele ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona, ho ya ka palo ya mabitso a banna bohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ