Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 16:7 - BIBELE

7 Ka yona nako eo, Hanani wa moporofeta a fihla ho Asa, kgosi ya Juda, a re ho yena: “Kahobane o ile wa tshepa kgosi ya Arame, wa se ke wa tshepa Morena Modimo wa hao, lebotho la kgosi ya Arame le o phonyohile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Mohlang oo, Hanani seboni a tla ho Asa, morena wa Juda, a re ho yena: Erekaha u itshetlehile ka morena wa Siria, mme o sa ka wa itshetleha ka Jehova, Modimo wa hao, ka baka leo, makgotla a morena wa Siria a o phonyohetse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 16:7
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Rona le wena re na le selekane, jwalokaha bo-ntata rona ba ne ba ena le sona. Jwale ke o rometse mpho ya silefera le kgauta; tsamaya he, o yo senya selekane sa lona le Basha, kgosi ya Iseraele, hore a tle a ntlhokomolohe.”


Lentswe la Morena le nyatsang Basha la fihla ho Jehu, mora wa Hanani, la re:


Lentswe la Morena la fihla ho moporofeta Jehu, mora wa Hanani, le nyatsa Basha le ba lelapa la hae, ka baka la bobe bohle boo a ileng a bo etsa moo Morena a ntseng a bona. Ka mesebetsi ya hae a phephetsa Morena hore a mo halefele, e se feela hobane a ile a etsisa lelapa la Jeroboame, empa le kahobane a ile a le timetsa.


Hesekiya a tshepa Morena Modimo wa Iseraele. Hara dikgosi tsa Juda tse ileng tsa mo hlahlama, esita le tse bileng teng pele ho yena, ha ho a ka ha eba le kgosi, le e nngwe, e kileng ya tshwana le yena.


Ba ile ba ipiletsa ho Modimo ha ba le ntweng, a mamela dithapelo tsa bona, hobane ba ne ba mo tshepa, mme a neelana ka Bahagare le bathusi bohle ba bona matsohong a bona.


Mohlang oo bahlabani ba Juda ba hlola bana ba Iseraele, kaha ba ne ba le matla, ba tshepile Morena Modimo wa bo-ntata bona.


Yaba Asa o ipiletsa ho Morena Modimo wa hae, o re: “Morena, ke ntho e nyenyane ho wena ho thusetsa ya fokolang ho ya matla. Re thuse Morena Modimo wa rona, hobane re o tshepile. Re futuhela lebothohadi lena ka lebitso la hao. Oho, Morena, o Modimo wa rona, ho se be motho ya ka o hlolang.”


Jwale kgosi Asa a romela banna bohle ba Juda; bao ba tla, ba fihla Rama, ba nka majwe le dithupa tseo Basha a neng a haheletsa motse ka tsona, mme ka tsona a haheletsa motse wa Geba le wa Misepa.


Jehu, mora wa Hanani wa moporofeta, a ya mo kgahlanyetsa, mme a re ho kgosi Jehoshafate: “Na ke hantle ho thusa batho ba kgopo, le ho rata ba hloileng Morena? Ka baka leo, Morena o o halefetse.


Jehoshafate a tsamaya mehlaleng ya ntatae Asa, a se ke a kgeloha, a mpa a kgahlisa Morena.


Diketso tse ding tsa Jehoshafate, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Jehu, mora wa Hanani, eo ditaba tsa hae di ngotsweng Bukeng ya Dikgosi tsa Iseraele.


Lebotho la Arame e ne e le sehlotshwana sa bahlabani, empa Morena a neelana ka lebotho le leholo la Baiseraele matsohong a Baarame, hobane Baiseraele ba ne ba furaletse Morena Modimo wa bo-ntata bona. Ka mokgwa ona ba ahlola Jowashe.


Ho madimabe ba yang Egepeta ho kopa thuso, ba tshepileng dipere le boiyane ba kariki tsa ntwa, le bapalami ba dipere hobane e le dinatla, empa ba sa natse Ya Halalelang wa Iseraele, ba sa ipiletse ho Morena ho batla thuso.


Kgosi ka nngwe e tla ka lephephe ha moya o puka, e ke setshabelo nakong ya sefefo, e ke nokana tsa metsi lehwatateng, e ke moriti wa lefika naheng e omeletseng.


Yaba moporofeta Esaya o fihla ho kgosi Hesekiya, o re ho yena: “Banna baa ba itseng? Ba itse ba tswa kae?” Hesekiya a araba, a re: “Ba tlile ho nna ba etswa naheng e hole, Babilona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ