Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 16:4 - BIBELE

4 Bene-Hadade a ananela mantswe ao a kgosi Asa. A romela balaodi ba mabotho a hae ho futuhela metse ya Iseraele. Ba ripitla motse wa Ione, le wa Dane, le wa Abele-Maime, le metse yohle ya Nafthali e nang le disiu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ben-Hadade a mamela morena Asa, mme a roma balaodi ba makgotla a hae ho lwantsha metse ya Iseraele, mme ba kena Ijone, le Dane, le Abele-Maime, le metse yohle ya mediko ya Nefthali.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 16:4
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Aborame a utlwa hore mora wa moena hae o hapilwe, a phalla le banna ba hae ba hlometseng ba makgolo a mararo le leshome le metso e robedi, ba tswaletsweng tlung ya hae, mme ba ba lelekisa ho ya fihla Dane.


Bene-Hadade a ananela mantswe ao a kgosi Asa, a romela balaodi ba mabotho a hae ho futuhela metse ya Iseraele; a ripitla motse wa Ione, le wa Dane, le wa Abele-Bete-Maaka, le naha yohle ya Kinerete, le Nafthali yohle.


le metse yohle ya Solomone, e nang le disiu, le metse eo ho bolokwang dikariki tsa ntwa ho yona, le metse ya bahlabani ba palamang, le tsohle tseo Solomone a neng a lakatsa ho di etsa Jerusalema, le Lebanone, le naheng yohle eo a neng a e busa.


Kgosi ya Asiria ya ananela kopo ya Akase; ya futuhela Damaseka, ya e hapa, ya thopa le batho ba teng, ya ba isa Kire, mme ya bolaya Resine.


“Rona le wena re na le selekane, jwalokaha bo-ntata rona ba ne ba ena le sona. Jwale ke o rometse silefera le kgauta. Tsamaya he, o yo senya selekane sa lona le Basha, kgosi ya Iseraele, hore a tle a ntlhokomolohe.”


Eitse ha Basha a utlwela taba ena, a kgaotsa ho haheletsa motse wa Rama, a tlohela mosebetsi oo.


Jehoshafate a nna a matlafala haholo. A haha diqhobosheane le metse eo ho bolokwang dijo le dihlomo ho yona, naheng ya Juda.


A tsosa le Baalate, le metse e meng ya hae, eo ho bolokwang dijo le dihlomo ho yona, le metse yohle eo ho bolokwang dikariki tsa ntwa ho yona, le metse ya bahlabani ba palamang. A haha tsohle tseo a neng a rata ho di haha Jerusalema, le Lebanone, le naheng yohle eo a neng a e busa.


Yaba ba se beela balebedi ho se sebedisa ka thata, hore ba se hlokofatse ka mesebetsi ya bona e boima. Baiseraele ba hahela Faro metse ya Pitome le Ramesese, eo ho bolokwang dijo ho yona.


Ha ho sa tla ba le lefifi ho ba neng ba le maswabing. Naha ya ba morabe wa Sebulone le ya ba morabe wa Nafthali e ile ya kokobetswa, empa ka nako e tlang, Morena o tla tlotla Galelea ya baditjhaba, e leng karolo e pela lewatle, e ikgohlileng ka Jorodane.


Mohlodi wa bokgopo bohle ke ho rata tjhelete; ka ho e tjhatjhehela, ba bang ba kgelohile tumelo, ba ikapesa ka maswabi a mangata.


Ba kgelohile tsela e nepahetseng, mme ba lahlehile ka ho latela tsela ya Bileame, mora wa Bosore, ya neng a hohelwa ke moputso wa bokgopo,


Bana bohle ba Iseraele, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, le naheng ya Gileade, ba tsamaya. Setjhaba sa phuthehela Misepa ho Morena, sa iketsa kgokanyana phiri.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ