Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 16:14 - BIBELE

14 A epelwa lebitleng leo a ileng a iketsetsa lona, Motseng wa Davida. Ba bea setopo sa hae hodima moalo o nonoditsweng ka tse monko o monate, le ka dinoko tsa mefutafuta, tse tswakilweng ke ditsebi tsa metswako ya ditlolo. Ba besa tetema ya mollo ho mo tlotla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 A patwa lebitleng la hae, leo a neng a itjheketse lona motseng wa Davida, mme a robatswa malaong a tletseng dinoko le dibano tse mefuta e mengata tse entsweng ka mokgwa wa baetsi ba tse nkgang hamonate; a ba a tjhesetswa bongata bo boholo haholo ba tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 16:14
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Josefa a laela bahlanka ba hae ba dingaka ho omeletsa setopo sa ntatae ka meriana; yaba dingaka di omeletsa setopo sa Iseraele.


‘Ntate o ile a ntlhapantsha, a re: Bona, ke lekgatheng la ho shwa; o tle o yo nkepela lebitleng leo ke itjheketseng lona naheng ya Kanana.’ Kahoo ke a o kopa: ako ntumelle ke nyolohe, ke yo epela ntate, ke tle ke boele ke kgutle.”


Ba nka setopo sa Asaele, ba se epela ka lebitleng la ntatae, le neng le le Betlelehema. Bo-Joabe le bahlabani ba hae ba tsamaya bosiu bohle, ba fihla Heborone ha bo esa.


Asa a shwa ka selemo sa mashome a mane a motso o mong sa puso ya hae.


Ha nako e ntse e eya, kamora lemo tse pedi, mala a hae a horometseha, mme a shwa habohloko. Setjhaba sa hae sa se ke sa mmesetsa mollo wa bofifi, jwalokaha se ne se etsetse bo-ntatae.


Hesekiya a shwa, mme a epelwa leralleng, kahodimo ho mabitla a bara ba Davida. Baahi bohle ba naha ya Juda, le ba Jerusalema, ba mo tlotla lefung la hae. Manase, mora wa hae, a mo hlahlama.


Ka baka leo, bahlanka ba hae ba mo ntsha ka kariking ya hae ya ntwa, ba mo kenya ka ho ya bobedi eo a neng a tlile le yona, ba mo isa Jerusalema, mme a shwa. A epelwa mabitleng a bo-ntatae. Setjhaba sohle sa Juda, le baahi ba Jerusalema, ba mo llela.


Jwalokaha ntsintsi tse shweleng di nkgisa menkwane, bothotwana le bona bo senya bohlale le botumo.


‘O etsang moo, ka tumello ya mang, ha o ntse o itjhekela lebitla, o le tjheka moo ho phahamileng, o ipetlela lebitla la phomolo lefikeng?’


empa o tla itjhwella ka kgotso. Jwalokaha setjhaba se ne se besetse bo-ntataomoholo, e leng dikgosi tsa boholoholo tse bileng teng pele ho wena, mollo wa bofifi, le wena se tla o besetsa mollo o jwalo, se o llele, se re: “Oho, morena wa rona!” Ke nna ya buang jwalo, ho rialo Morena.’ ”


Ha Sabatha se fetile, Maria wa Magadala, le Maria mma Jakobo, le Salome ba reka dinoko ho ya tlotsa setopo sa Jesu.


banna bohle ba bahale ba phalla, ba tsamaya bosiu bohle, ba fihla ba fanyolla setopo sa Saule le ditopo tsa bara ba hae lerakong la Bete-Shane, ba kgutlela Jabeshe, ba di tjhesetsa hona teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ