Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 16:10 - BIBELE

10 Asa a halefela moporofeta, a ba a mo kenya tjhankaneng. O ne a mo halefetse ka baka la polelo ena, mme ka yona nako eo Asa a phedisa batho ba bang ka thata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Empa Asa a halefela seboni, mme a se hlahlela teronkong, kahobane a ne a se hlonametse ka baka la taba tsa sona. Hape, hona mohlang oo, Asa a tuba ba bang ba setjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 16:10
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a romela maqosa ho ya mo lata. Mosadi eo a tla, mme Davida a robala le yena. Mosadi enwa o ne a sa tswa hlatswa lehatlelo la hae. Kamora moo, mosadi a kgutlela ha hae.


Davida a re ho Nathane: “Ke sitetswe Morena.” Yaba Nathane o re ho Davida: “Le Morena o hlakotse sebe sa hao; ha o na ho shwa.


A hapa le baahi ba motse oo. A ba sebedisa ka disakga, le ka dipeke, le ka dilepe; a ba sebedisa le diboping tse besang setene. Metse yohle ya Baamone o ne a ye a e etse tjena. Yaba Davida o kgutlela Jerusalema le bahlabani bohle.


Yare ha kgosi Jeroboame a utlwa dipolelo tsa moporofeta wa Modimo, tseo a omanyang aletare ka tsona, a mo supa ka monwana, yena Jeroboame a ntse a le aletareng, a re: “Mo tshwareng!” Letsoho leo la hae, leo a neng a supile moporofeta ka lona, la satalla hoo a ileng a sitwa ho le kgutlisa.


le re: ‘Kgosi e bua tjena: Hlahlelang monna enwa tjhankaneng, le mo sotle ka ho mo phedisa ka bohobe le ka metsi feela ho fihlela ke kgutla ka kgotso.’ ”


Diketso tsohle tsa Asa, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Juda le tsa Iseraele.


Morena o bona tsohle tse lefatsheng, ho matlafatsa le ho thusa ba mo tshepang ka dipelo tsohle tsa bona. Empa mona teng o sebeditse ka bothoto; ka baka leo, ho tloha jwale o tla lweba kahara ntwa.”


le re: ‘Kgosi e bua tjena: Hlahlelang monna enwa tjhankaneng, le mo sotle ka ho mo phedisa ka bohobenyana le ka metsinyana feela, ho fihlela ke kgutla ka kgotso.’ ”


Yare ha moporofeta a ntse a bua le Amasiya, kgosi Amasiya a re ho yena: “Ke ho tloha neng re o kgethileng ho ba moeletsi wa kgosi? Kgutsa, esere ka o bolaya!” Yaba moporofeta o a kgutsa, a nto re: “Ke a tseba hore Modimo o rerile ho o timetsa, hobane o entse hona, mme ha o a ka wa mamela keletso ya ka.”


Usiya, ya neng a ntse a tshwere pitsana ya ho tjhesa mokubetso, a halefa haholo. Yare a sa ntsane a halefetse baprista jwalo, a tswa lepera phatleng, a le kapele ho baprista, ka Tempeleng ya Morena, pela aletare ya mokubetso.


O tubile mafutsana, a a siya a itlhophere, a ikgapela matlo e se a matsoho a hae.


Ho molemo ha ke otlwa ke ya lokileng, ke kgalemelwa ke yena; hoo ke ole eo hlooho ya ka e ke keng ya e hana, ke tla nne ke rapele leha ba kgopo ba ntshwenya.


Ke tla se bea matsohong a batubi ba hao, bona ba ileng ba re ho wena: ‘Paqama fatshe, re tle re o tsamaye hodimo!’ Wa etsa hore mokokotlo wa hao o ke lefatshe, o ke mmila oo ho tsamauwang ho wona.”


a re moporofeta Jeremia a shapuwe, a tlamellwe pakeng tsa dikoqo tse neng di le Monyakong wa Benjamine o kahodimo, pela Tempele ya Morena.


Ha bo-kgosi Jehoyakime le bahale bohle ba hae, le mahosana wohle a hae, ba utlwa mantswe a Uriya, kgosi Jehoyakime a batla ho mmolaya, empa yare ha Uriya a utlwela a tshoha, yaba o balehela Egepeta.


Morena o o entse moprista bakeng sa moprista Jehoyada, hore o be molebedi wa Tempele ya Morena, e le hore motho e mong le e mong ya itlhantshang ka ho iketsa moporofeta, o mo kenye tjhankaneng, o mo tlame ka mahlaahlela maotong le molaleng.


Yaba babusi ba halefela Jeremia haholo, ba a mo shapa, ba mo kenya tjhankaneng, ka tlung ya Jonathane, eo e neng e le mongodi wa puso, e leng ntlo eo ba neng ba e fetotse tjhankana.


“Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, o mmetsitse, tsohle tsa ka o ikgapetse tsona, a ntshiya ke ka nkgo e lephaka. O mmetsitse jwaloka kgodumodumo, a sasamatsa mpa ya hae ka dimonate tsa ka, a mpusulosa, a ba a nteleka.


Ho hatakela batshwaruwa ka leoto, batshwaruwa bohle ba teng lefatsheng;


Heroda a eketsa ka ho kwalla Johanne tjhankaneng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ