2 Dikronike 15:8 - BIBELE8 Ha Asa a utlwa mantswe ana, le boporofeta bona ba moporofeta Odede, a tsoha molota. Naheng yohle ya ba morabe wa Juda le wa Benjamine, le metseng yohle eo a neng a e hapile naheng ya Efraime e maralla, Asa a fedisa medimo ya bohata eo e neng e le manyala; a ntjhafatsa le aletare ya Morena e neng e le lethuleng la Tempele ya Morena. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)8 Eitse ha Asa a utlwa mantswe ao le boporofeta ba Odede moporofeta, a ipha matla, a fedisa manyala lefatsheng lohle la Juda le la Benjamine, le metseng eo a neng a e nkile thabeng ya Efraime, mme a tsosa aletare ya Jehova e pela mathule a Jehova. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tse neng di le pela Jerusalema, ka letsohong le letona ho Thaba ya Tshenyeho, tseo Solomone, kgosi ya Iseraele, a neng a di hahetse Asetarote, manyala a Basidone; le Kemoshe, manyala a Bamoabe; le Milekome, manyala a bana ba Amone; tsena tsohle ya di silafatsa.