Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 15:4 - BIBELE

4 Empa e ile yare ha ba le tsietsing ba kgutlela ho Morena Modimo wa Iseraele, ba mmatla, mme ba mo fumana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 enereha ba le tsietsing, ba ne ba sokolohela ho Jehova, Modimo wa Iseraele, ba ne ba mmatla, mme o ne a fumanwa ke bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 15:4
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bohle ba setjhaba sa Juda ba thabela kano eo, hobane ba ne ba ile ba e hlapanyetsa ka dipelo tsohle tsa bona; ba mmatla ka tjheseho e kgolo, mme ba mo fumana. Morena a ba nea kgotso kahohle.


Yaba Asariya o ya kgahlanyetsa Asa, mme o fihla a re ho yena: “Wena Asa, le bohle ba morabe wa Juda le wa Benjamine, mmameleng! Morena o na le lona haeba le lona le ena le yena. Ha le mmatla le tla mo fumana, empa haeba le mo furalla le yena o tla le furalla.


Eitse ha Manase a le ditlokotsing, a batla Morena Modimo wa hae, a ikokobetsa haholo kapele ho Modimo wa bo-ntatae.


Jwale a tadima ho tshwenyeha ha bona, ha a utlwa sello sa bona.


“Lona ba labalabelang ho loka, mmameleng, le lona ba batlang Morena: Tadimang lefika leo le kgephotsweng ho lona, le morafo oo le tjhekilweng ho wona.


“Batlang Morena ha a sa ntse a ka fumanwa, ipiletseng ho yena a sa le haufi;


ya kgopo a furalle ditsela tsa hae, molotsana a furalle mehopolo ya hae, a sokolohele ho Morena wa hae, mme Morena o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane yena o tshwarela haholo.


“Tloong, re kgutleleng ho Morena: Ke yena ya re hlenhlantseng dinama, empa ke yena ya tla re fodisa; ke yena ya re ntshitseng maqeba, empa ke yena ya tla a tlama.


Ka baka leo, bolella setjhaba sena, o re: Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Kgutlelang ho nna,’ ho rialo Morena wa mabotho, ‘le nna ke tla kgutlela ho lona,’ ho rialo Morena wa mabotho.


Esaya yena o bile sebete hoo a ileng a re: “Ke fumanwe ke ba neng ba sa mpatle, ke itshenoletse ba neng ba sa botse letho ka nna.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ