Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 15:10 - BIBELE

10 Ka kgwedi ya boraro ya selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Asa, ba kgobokanela ho yena, Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ba phuthehela Jerusalema ka kgwedi ya boraro ya selemo sa leshome le metso e mehlano sa ho busa ha Asa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 15:10
3 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka yona nako eo ba nyehella Morena ka dipohwana tse makgolo a supileng le ka dikgutshwane tse dikete tse supileng, tseo ba neng ba di hapile.


A kgobokanya bohle ba morabe wa Juda le ba morabe wa Benjamine, le bajaki ba neng ba etswa naheng ya ba morabe wa Efraime, le ya ba morabe wa Manase, le ya ba morabe wa Simeone. E ne e ile yare ha ba bona hore Morena Modimo wa hae, o na le yena, ba fallela ho yena ka bongata, ba etswa naheng ya Iseraele.


Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya boraro, e leng kgwedi ya Phuptjane, bangodi ba kgosi ba bitswa. Yaba ho ngolwa ho latela sohle seo Moredekai a ileng a se laela. Ha ngollwa Bajuda le baokamedi ba mabotho, le batlatsi ba bona, le babusi le mahosana a dinaha, ho tloha India ho ya fihla Kushe, e leng babusi ba dinaha tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e supileng. Ha ngollwa naha e nngwe le e nngwe ka mongolo wa yona le setjhaba se seng le se seng ka puo ya sona, le Bajuda ba ngollwa ka mongolo wa bona le ka puo ya bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ