Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 14:6 - BIBELE

6 A haha metse naheng ya Juda, mme a e haheletsa. Naha e ne e ena le kgotso, dilemong tseo ho se na dintwa, hobane Morena o ne a mo neile boiketlo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 A haha metse ya diqhobosheane Juda; ke ha ntwa e ne e ntse e letse lefatsheng, hobane ha a ka a lwantshwa ke motho ka dilemo tseo, etswe Jehova a ne a mo neile phomolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 14:6
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Morena Modimo wa ka, o mphile kgotso kahohle; ha ho sera, ha ho tsietsi.


Ha o ka ela hloko ho phethahatsa ditaelo le melao eo Morena a e laetseng Moshe malebana le Baiseraele, o tla atleha. Eba monna, o be sebete; o se ke wa tshaba leha e le ho tsieleha.


Bona, o tla tswala mora, eo e tla ba motho wa kgotso. O tla phela ka kgotso le dira tsa hae tsohle, tse mo potapotileng. Lebitso la hae e tla ba Solomone, mme mehleng ya puso ya hae Baiseraele ba tla phela ka kgotso le ka kgutso.


Bohle ba setjhaba sa Juda ba thabela kano eo, hobane ba ne ba ile ba e hlapanyetsa ka dipelo tsohle tsa bona; ba mmatla ka tjheseho e kgolo, mme ba mo fumana. Morena a ba nea kgotso kahohle.


a mpa a sebeletsa Modimo wa ntatae, a boloka ditaelo tsa hae, a se ke a etsisa Baiseraele.


Mmuso wa Jehoshafate wa eba le kgotso, hobane Modimo wa hae a ne a mo neile boiketlo kahohle.


Mehleng ya Sekariya, ya neng a ena le kutlwisiso ya dipono tsa Modimo, Usiya a phetha thato ya Modimo. Ka nako yohle ha a ntse a phetha thato ya Morena, Modimo o ile a mo atlehisa.


Mosebetsing o mong le o mong oo a ileng a o qala, o amanang le tshebeletso ya Tempele ya Modimo, le molao, le ditaelo, a batla Modimo wa hae, a sebetsa ka pelo yohle ya hae, mme kahoo a atleha.


Ka selemo sa borobedi sa puso ya hae, Josiya a qala ho sebeletsa Modimo wa Davida, ntataemoholo, le hoja a ne a sa le monyenyane. Ka selemo sa leshome le metso e mmedi a qala ho hlwekisa Juda le Jerusalema, ka ho fedisa dibaka tsa bona, tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, le ka ho fedisa ditshwantsho tsa Ashera, le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse bopilweng.


“Haeba a ikgutsetsa a ka nyatswa ke mang? Ha ipata sefahleho, teng a ka bonwa ke mang? O okametse batho le ditjhaba ka ho tshwana.


Tloong, le bohe mesebetsi ya Morena, kamoo a ripitlileng lefatshe kateng.


Ha ho se ho fetile nako e telele Morena a phomoditse Baiseraele dintweng tsa bona le ho dira tsohle tsa bona tse neng di ba potapotile, Joshua a nna a tsofala, dilemo tsa hae tsa nna tsa ya.


Naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a mane. Yaba Oteniele, mora wa Kenase, o a shwa.


Ka lona letsatsi leo, Bamoabe ba hlolwa, ba ba katlasa Baiseraele. Naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a robedi.


“Dira tsohle tsa hao a di ke di timele, Morena, empa ba o ratang ba be jwaloka letsatsi, letsatsi ha le tjhaba ka matla a lona.” Naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a mane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ