Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 14:5 - BIBELE

5 Metseng yohle ya Juda a fedisa dibaka tsohle tseo ho neng ho rapellwa medimo ya bohata ho tsona, a fedisa le dialetare tseo ho neng ho tjhesetswa mokubetso ho tsona, mme mmuso wa eba le kgotso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 le metseng yohle ya Juda a heletsa dinqalo tse diphahameng le ditshiya tsa letsatsi. Mme ntwa ya eba siyo ho yena mmusong wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 14:5
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Rehoboame a aha Jerusalema, mme a haheletsa metse naheng ya Juda,


A laela setjhaba sa Juda hore se sebeletse Morena Modimo wa bo-ntata sona, le hore se boloke melao ya hae le ditaelo tsa hae.


A thua dialetare tsa bo-Baale, a heletsa le ditshwantsho tsa medimo ya bohata, tse neng di le kahodimo ho tsona. A senya ditshwantsho tsa Ashera , le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse bopilweng. Tsena a di silakanya, a di etsa thuethue, mme a e qhalla hodima mabitla a batho ba neng ba di etsetsa mahlabelo.


Ha a se a heleditse dialetare, a sentse le ditshwantsho tsa Ashera, a silakantse le ditshwantsho tse betlilweng, a robakile le ditshwantsho tsohle tsa medimo ya bohata naheng yohle ya Iseraele, yaba o kgutlela Jerusalema.


Dialetare tsa lona di tla heletswa, medimo ya lona ya bohata e pshatlwe, mme babolauwa ba lona ke ba akgele kapele ho medingwana eo ya lona.


Ha ho se ho fetile nako e telele Morena a phomoditse Baiseraele dintweng tsa bona le ho dira tsohle tsa bona tse neng di ba potapotile, Joshua a nna a tsofala, dilemo tsa hae tsa nna tsa ya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ