Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 14:12 - BIBELE

12 Jwale Morena a etsa hore Bakushe ba hlolwe ke bo-Asa le bahlabani ba Juda. Bakushe ba baleha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Jehova a qhala Baethiopia pela Asa le Bajuda; Baethiopia ba baleha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 14:12
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moedi wa Bakanana o ne o tloha Sidone, ho ya fihla Gerare, le ho ya fihla Gasa, le ho ya Sodoma, le Gomora, le Adema, le Seboime, ho ya fihla Lasha.


Ba hapa mehlape ya bona, e le dikamele tse dikete tse mashome a mahlano, le dinku tse dikete tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano, le ditonki tse dikete tse pedi. Ba thopa le bahlabani ba dikete tse lekgolo.


A futuha ka dikariki tsa ntwa tse sekete le makgolo a mabedi, le ka bahlabani ba palamang dipere ba dikete tse mashome a tsheletseng. O ne a ena le setjhaba se neng se ke ke sa balwa ke bongata, se tlileng le yena ho tswa Egepeta, e le Balebia, le Basuke, le Bakushe.


Bahlabani ba naha ya Juda ba hlaba mokgosi. Yare ba sa ntsane ba hlaba mokgosi, Modimo a etsa hore Jeroboame le Baiseraele bohle ba hlolwe ke bo-Abiya le bahlabani ba Juda.


Ka yona nako eo ba nyehella Morena ka dipohwana tse makgolo a supileng le ka dikgutshwane tse dikete tse supileng, tseo ba neng ba di hapile.


Eitse ha dibini di qala ho bina, Morena a etsa hore Baamone, le Bamoabe, le ba tswang thabeng ya Seire, ba neng ba futuhetse naha ya Juda, ba lallwe, mme ba hlolwe.


ha e le moo wena, Modimo, o re lahlile, o se o sa tswe le mabotho a rona?


Kamora dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo, ka lona letsatsi leo, mabotho wohle a Morena a tswa naheng ya Egepeta.


Ka lona letsatsi leo Morena a ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta ka mabotho a bona.


A kgina mabidi a dikariki tsa bona tsa ntwa, mme dikariki tsa ntwa tsa tsamaya haboima. Baegepeta ba re: “A re baleheng Baiseraele, hobane Morena o a ba lwanela!”


“Na lona Baiseraele, ho nna ha le ke Bakushe?” ho rialo Morena. “Na hase nna ya ileng a le ntsha naheng ya Egepeta, Bafilesita le bona ka ba ntsha Kafatore, Baarame bona ka ba ntsha naheng ya Kire?


Ha ho le jwalo, a re leboheng Modimo ya re neileng ho hlola ka Morena wa rona Jesu Kreste.


Ha e le nna, ha ke mathe feela jwaloka hoja ha ke na sepheo; ha ke lwane ka ditebele jwaloka hoja ke fuphula moya feela.


“Morena o tla etsa hore dira tsa hao, tse o tsohetseng matla, di hlolwe o ntse o di bona. Ha di o futuhela di tla tla di tsamaya ka tsela e le nngwe, empa ha di o baleha di tla phasaphasa ka tsela tse ngata.


“ ‘Bona, ke nna eo e ntseng e le yena, ha ho Modimo e mong. Ke a timetsa, ke a phedisa, ke a hlatha, ke a fodisa, ha ho ya ka namolelwang matsohong a ka.


Morena a ba ferekanya, Baiseraele ba ba rinyetsa Gibeone. Ba ba phaladisa ho ya fihla lekgalong la Bete-Horone, mme ba ba bolaya ho ya fihla Aseka, le ho ya fihla Mekeda.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ