Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 14:11 - BIBELE

11 Yaba Asa o ipiletsa ho Morena Modimo wa hae, o re: “Morena, ke ntho e nyenyane ho wena ho thusetsa ya fokolang ho ya matla. Re thuse Morena Modimo wa rona, hobane re o tshepile. Re futuhela lebothohadi lena ka lebitso la hao. Oho, Morena, o Modimo wa rona, ho se be motho ya ka o hlolang.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Asa a howeletsa ho Jehova, Modimo wa hae, a re: Oho, Jehova, ha ho e mong ya ka namolelang ya se nang matla ho ya nang le matla, haese wena; re tlatse, Jehova, Modimo wa rona, hobane re itshetlehile ka wena, mme re futuhetse bongata boo ka lebitso la hao. Ke wena Jehova, Modimo wa rona: motho ya shwang a se ke a o sita.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 14:11
59 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ha setjhaba sa hao se futuhela dira tsa sona, hohle moo o ka se romelang teng, mme se rapela se tadimile motseng oo o o kgethileng, le tlung ena eo ke o hahetseng yona,


Ba ile ba ipiletsa ho Modimo ha ba le ntweng, a mamela dithapelo tsa bona, hobane ba ne ba mo tshepa, mme a neelana ka Bahagare le bathusi bohle ba bona matsohong a bona.


Bonang mona! Modimo o na le rona; ke yena molaodi wa rona. Baprista ba hae ba tla re hlabela mokgosi ka diterompeta, hore re futuhe. Oho, bana ba Iseraele, se lwantsheng Morena Modimo wa bo-ntata lona, hobane ha le ka ke la atleha.”


Ha bahlabani ba naha ya Juda ba hetla, ba bona hore ba futuhelwa kapele le kamorao. Ba ipiletsa ho Morena, baprista ba letsa diterompeta.


Bahlabani ba naha ya Juda ba hlaba mokgosi. Yare ba sa ntsane ba hlaba mokgosi, Modimo a etsa hore Jeroboame le Baiseraele bohle ba hlolwe ke bo-Abiya le bahlabani ba Juda.


Mohlang oo bahlabani ba Juda ba hlola bana ba Iseraele, kaha ba ne ba le matla, ba tshepile Morena Modimo wa bo-ntata bona.


Asa a tswa ho ya mo kgahlanyetsa, ditheko tsa tadimana di le ka kgohlong ya Sefata, haufi le Maresha.


Ka yona nako eo, Hanani wa moporofeta a fihla ho Asa, kgosi ya Juda, a re ho yena: “Kahobane o ile wa tshepa kgosi ya Arame, wa se ke wa tshepa Morena Modimo wa hao, lebotho la kgosi ya Arame le o phonyohile.


Ha balaodi ba dikariki tsa ntwa ba bona Jehoshafate, ba re: “Enwa ke yena kgosi ya Iseraele!” Ba mo etsetsa sakana-la-nkope, ba mo lwantsha. Jehoshafate a hlaba mokgosi, mme Morena a mo thusa, a etsa hore ba kgaotse ho mo lwantsha.


Oho, Modimo wa rona, ako ba ahlole! Re hloka matla a ho lwantsha lebothohadi lena le re futuhetseng. Ha re tsebe le seo re ka se etsang, empa rona re tshepile wena.”


Jehoshafate a tsamaya mehlaleng ya ntatae Asa, a se ke a kgeloha, a mpa a kgahlisa Morena.


Haeba o rata ho futuha, futuha, o imatlafaletse ntwa. Modimo o tla etsa hore sera sa hao se o hlole, hobane Modimo o na le matla a ho thusetsa, le matla a hore motho a hlolwe.”


Modimo a mo thusa ho hlola Bafilesita, le ho hlola Maarabia a neng a ahile Gure-Baale, a ba a hlola le Bameune.


Ka baka la taba ena, kgosi Hesekiya le moporofeta Esaya, mora wa Amose, ba rapela, mme ba ipiletsa ho Modimo.


Yena o tshepile matla a hae, athe rona, Modimo o na le rona; o tla re thusa, a re lwanele.” Mantswe a Hesekiya, kgosi ya Juda, a tsosa setjhaba molota.


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ke ipiletsa ho Morena, ha ke le matshwenyehong, mme o a nkaraba.


Maraba a lefu a ne a mpotapotile, difi tsa lefu di ne di ntjhehile.


A ke a o fe se ratwang ke pelo ya hao, a phethahatse merero yohle ya hao.


Jwale ke a tseba hore Morena o nea tlholo, o e nea Motlotsuwa wa hae, o mo arabela a le sehalalelong, a le sehalalelong sa hae sa lehodimo. O mo arabela ka ketso tse pholosang, ketso tsa letsoho la hae le letona.


Ba bang ba tshepile kariki tsa ntwa, ba bang ba tshepile dipere, empa rona re tshepile lebitso la Morena, lebitso la Morena Modimo wa rona.


Bo-ntata rona ba nnile ba o tshepa; ba o tshepa, mme wa ba namolela.


Ba nnile ba o llela, mme ba phonyoha; ba o tshepa, mme ha ba a ka ba hlajwa ke dihlong.


Ba tadimang ho yena ba kganya kgotso, mahlong a bona dihlong ha di yo.


Ipee matsohong a Morena; o mo tshepe, ho tla sebetsa yena.


Ipiletse ho nna ka nako ya matshwenyeho; ke tla o lopolla, mme wena o tla ntlotlisa.”


Mafutsana a ke ke a leballwa ruri, tshepo ya bahlophehi e ke ke ya fetoha lefeela.


Ha a ipiletsa ho nna ke tla mo araba; matshwenyehong ke be le yena, ke mo lopolle, ke mo tlotlise.


Ha Faro a ntse a atamela, bana ba Iseraele ha ba re mahlo tloha! ba bona Baegepeta ba ba phalletse. Bana ba Iseraele ba tshoha haholo, mme ba ipiletsa ho Morena.


Lebitso la Morena ke qhobosheane, ya lokileng o tshabela teng, a sireletsehe.


Mohla tsatsi leo, masalla a Iseraele, ba ntlo ya Jakobo ba ileng ba phonyoha, ha a sa tla hlola a tshepa ya ile a a otla, empa a tla tshepa Morena ka nnete, yena Ya Halalelang wa Iseraele.


Kgaotsa ho tshepa motho, motho ya phefumolohang feela. Hona motho e ne e le eng?


Oho, Morena Modimo wa rona, babusi ba bang ba kile ba re busa, empa ke bitso la hao feela leo re le tlotlang.


ba tla o tsohela matla, ba o lwantshe, empa ho o hlola ba ke ke be ba o hlola, hobane ke na le wena ho o namolela,” ho rialo Morena.


Ba bahlano ba lona ba tla lelekisa ba lekgolo, ba lekgolo ba lona ba lelekise ba kete di leshome, mme le bolaye dira tsa lona ka sabole.


O dihela koduwa hodima dinatla, motse o haheleditsweng a o fetole lesupi.


Morena wa mabotho, yena ya ileng a ntlotlisa, a ba a nthoma ho baditjhaba ba ileng ba le tlatlapa, o re: “Ya le amang o thetsa thaka ya leihlo la ka.


Jwale le nna ke a o bolella, ke re: ‘O Petrose,’ mme hodima lefika lena ke tla haha kereke ya ka, mme monyako wa Nqalo ya Bafu o ke ke wa e hlola.


“Pelo tsa lona di se ferekane. Dumelang ho Modimo; le ho nna le dumele.


Ke le siela kgotso, ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fanang kateng. Pelo tsa lona di se ferekane, leha e le ho ba boi.


mme mang le mang ya tla rapela Morena o tla pholoswa!’


Ka ho dumela lebitsong la Jesu, lebitso leo le matlafaditse monna enwa, eo le mmonang, le mo tsebang, mme tumelo e tswang ho Jesu ya mo fodisa pontsheng ya lona bohle.


A wela fatshe, a utlwa lentswe le reng ho yena: “Saule! Saule! O ntlhorisetsang na?”


Jwale re tla reng ka ditaba tsee? Ha Modimo a eme le rona, ke mang ya ka re lwantshang?


hoja ha ke tswafe ho thabisa sera, sa tshoha se ithorisa, se re: Ke ka matsoho a rona re ba hlotseng, hase Morena ya entseng tsena tsohle.’


Motho a ka phaladisa sekete a le inotshi? Ba babedi ba lelekisa di le leshome, Fika la bona le sa ba rekisa, Morena a sa neelana ka bona?


“Morena o tla ahlola, a ahlolele tjhaba sa hae, a utlwele bahlanka ba hae bohloko, ha a bona matla a bona a fedile, a sa siye mothopuwa kapa molokolohi.


Yaba Morena o re ho Gideone: “Ke tla le namolela ka banna ba makgolo a mararo, ba ileng ba qapha metsi, ke neelane ka Bamidiane matsohong a hao. Ere batho ba bang bohle ba tsamaye, e mong le e mong a ikele ha hae.”


Yaba Jonathane o re ho mohlankana ya neng a jere dihlomo tsa hae: “Tloo, re tshelele moo maqai ana a laletseng teng; mohlomong Morena o tla re thusa, hore re a hlole, ebang re bangata kapa re mmalwana, hobane ha ho letho le ka sitang Morena.”


Le letshwele lena lohle le tle le tsebe hore Morena ha a pholose ka sabole le lerumo feela, hobane ntwa ena ke ya Morena, mme o tla neelana ka lona matsohong a rona.”


O tataisa maoto a bahalaledi ba hae, athe ba kgopo ba tla timella lefifing, hobane motho ha a hlole ka matla a hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ