2 Dikronike 13:19 - BIBELE19 Abiya a phaladisa Jeroboame, mme a hapa motse wa Bethele le metsana ya wona, le motse wa Jeshana le metsana ya wona, le motse wa Eferone le metsana ya wona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)19 Abija a phallela Jeroboame, mme a mo amoha metse e meng, e le Bethele le metsana ya teng, le Jeshana le metsana ya teng, le Efrone le metsana ya teng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ha Asa a utlwa mantswe ana, le boporofeta bona ba moporofeta Odede, a tsoha molota. Naheng yohle ya ba morabe wa Juda le wa Benjamine, le metseng yohle eo a neng a e hapile naheng ya Efraime e maralla, Asa a fedisa medimo ya bohata eo e neng e le manyala; a ntjhafatsa le aletare ya Morena e neng e le lethuleng la Tempele ya Morena.
Ba o hapa, ba hapa le kgosi ya wona, le metsana yohle ya teng, ba bolaya batho ba teng ka sabole, mme ba timetsa ho hang bohle ba neng ba phela teng. A se ke a siya le ya mong. Jwalokaha a ne a ile a etsa motseng wa Heborone, le motseng wa Debiri, le ho kgosi ya teng, a etsa jwalo le motseng wa Lebena, le ho kgosi ya teng.