Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 12:2 - BIBELE

2 Ka selemo sa bohlano sa puso ya kgosi Rehoboame, Shishake, kgosi ya Egepeta, a futuhela Jerusalema, hobane Baiseraele ba ne ba sa ka ba tshepahala ho Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ka selemo sa bohlano sa ho busa ha Roboame, Shishake, morena wa Egepeta, a futuhela Jerusalema, kahobane Bajuda ba ne ba sitetswe Jehova;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 12:2
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka lebaka lena Solomone a batla ho bolaya Jeroboame, empa Jeroboame a balehela Egepeta, ho Shishake, kgosi ya Epepeta. A dula Egepeta ho fihlela Solomone a eshwa.


Morena o ne a ile a etsa hore lebotho la Baarame le utlwe eka ho na le lerata la dikariki tsa ntwa, le lekitikiti la dipere, le modumo wa lebotho le leholo. Ke ha ba buisana, ba re: “Bonang, kgosi ya Iseraele e hirile dikgosi tsa Bahete le dikgosi tsa Baegepeta ho tla re lwantsha.”


“Jwale wena Solomone, mora wa ka, tseba Modimo wa ntatao, o mo sebeletse ka pelo ya hao yohle, le ka maikutlo a hao wohle. Morena o lekola dipelo tsohle, mme o tseba menahano yohle, le mehopolo yohle. Ha o ka mmatla, o tla mo fumana, empa haeba o ka mo furalla, o tla o lahlela ruri!


Asa o ne a ena le lebotho la bahlabani ba dikete tse makgolo a mararo, ba tswang naheng ya Juda, ba neng ba hlometse ka dithebe le marumo, le ba dikete tse makgolo a robedi, ba tswang naheng ya Benjamine, ba neng ba hlometse ka dithebe le diqha. Bahlabani bana kaofela e ne e le bahale.


Sera wa Mokushe a ba futuhela ka lebotho la bahlabani ba mileone, le ka dikariki tsa ntwa tse makgolo a mararo, a ba a ya fihla Maresha.


Mahosana a furalla Tempele ya Morena Modimo wa bo-ntata wona, a sebeletsa ditshwantsho tsa Ashera le medimo ya bohata. Ka baka la tshito ena ya wona, kgalefo ya Morena ya tlokomela setjhaba sa Juda le baahi ba Jerusalema.


e romela maqosa a etla ka lewatle, ka kepe tsa lehlaka tse sesang metsing! Eyang baromuwa ba tsebang ho potlaka, eyang tjhabeng sa batho ba balelele, ba sotseng, tjhaba se tshajwang hole le haufi, tjhaba se matla, se hatakelang, seo naha ya sona e tletsatletseng dinoka.


Empa ba fetohela Morena, Moya o Halalelang ba o swabisa, ka baka leo, yena a fetoha sera sa bona, a ba lwantsha e le yena ka seqo;


Bokgopo ba hao ke bona bo tla o otla, ho mphuralla ha hao hona ho o kgaleme. Imamele ke hona o ele hloko kamoo o babelwang ke bokgopo ba hao, ha o furalla Morena, Modimo wa hao, o bile o so sa ntshabe le ho ntshaba,” ho rialo Morena, Modimo wa mabotho.


Thabo ya pelo tsa rona e fedile, metjeko ya rona e fetohile bofifi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ