Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 12:15 - BIBELE

15 Diketso tsohle tsa Rehoboame, ho tloha qalong ho isa qetellong, le tsa tlhatlhamano ya lelapa la hae, di ngotswe Bukeng ya Moporofoeta Shemaya, le Bukeng ya Moporofeta Ido. Dintwa tsa nna tsa eba teng pakeng tsa Rehoboame le Jeroboame.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Haele ditaba tsa Roboame, tsa ho qala le tsa ho qetella, ha ke re, di ngodilwe dibukeng tsa Shemaia moporofeta le tsa Iddo seboni, dibukeng tsa meloko? Ntwa ya nna ya eba teng mahareng a Roboame le Jeroboame tshiung tsohle tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 12:15
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa lentswe la Modimo la fihla ho Shemaya, moporofeta wa Modimo, la re:


Diketso tsa kgosi Davida, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Moporofeta Samuele, le Bukeng ya Moporofeta Nathane, le Bukeng ya Moporofeta Gade.


Empa lentswe la Morena la fihla ho Shemaya, moporofeta wa Modimo, la re:


Yaba moporofeta Shemaya o fihla ho Rehoboame, le ho mahosana a Juda, a neng a kgobokane Jerusalema ka baka la ho tshaba Shishake, mme a re ho bona: “Morena o bua tjena: ‘Le mphuraletse, ka baka leo, le nna ke tla neelana ka lona matsohong a Shishake.’ ”


Ka selemo sa leshome le metso e robedi sa puso ya kgosi Jeroboame, Abiya a qala ho busa naha ya Juda.


O ile a busa ka dilemo tse tharo, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Mmikiya, moradi wa Uriele, wa motse wa Gibea. Ntwa ya qhoma pakeng tsa Abiya le Jeroboame.


Diketso tse ding tsa Abiya, le mekgwa ya hae, le maele a hae, di ngotswe Bukeng ya Moporofeta Ido.


Diketso tsohle tsa Asa, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Juda le tsa Iseraele.


Diketso tse ding tsa Jehoshafate, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Jehu, mora wa Hanani, eo ditaba tsa hae di ngotsweng Bukeng ya Dikgosi tsa Iseraele.


Diketso tse ding tsa Akase, le mesebetsi ya hae yohle, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Juda le tsa Iseraele.


ke ho re diketso tsa hae, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Iseraele le tsa Juda.


Diketso tsohle tsa Solomone, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Moporofeta Nathane, le Bukeng ya Moprofeta Ahiya ya tswang Shilo, le Bukeng ya Dipono tsa Moporofeta Ido e buang ka Jeroboame, mora wa Nebate.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ