Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 12:14 - BIBELE

14 A etsa bobe, hobane o ne a sa ikemisetsa ho sebeletsa Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 A mpa a nna a etsa ho leng hobe, a se ke a sekamisetsa pelo ya hae ho batla Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 12:14
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba morabe wa Juda ba sitelwa Morena. Ba halefisa Morena ka dibe tseo ba ileng ba di etsa, e leng tse fetang tsohle tseo bo-ntata bona ba ileng ba di etsa.


Oho, Morena Modimo wa bo-ntata rona Aborahama, le Isaka, le Iseraele, etsa hore maikutlo ana a nne a be teng mehopolong ya dipelo tsa setjhaba sa hao, se nne se tshepahale ho wena.


Bohle ba merabe ya Iseraele, ba neng ba rata Morena Modimo wa Iseraele, ba sala Balevi bao morao, ba tla Jerusalema, ho tla etsetsa Morena Modimo wa bo-ntata bona mahlabelo.


Leha ho le jwalo, o entse ho hong ho lokileng: O tlositse ditshwantsho tsa Ashera naheng ena, mme o itokiseditse ho sebeletsa Modimo.”


ya felang a ikemiseditse ho batla Morena Modimo wa bo-ntatae, leha a sa hlweka ho ya ka melao ya Sehalalelo.”


Ba tjhehile maoto a ka ka leraba, mme moya wa ka o siame; ba ntjheketse lemena, empa ke bona ba wetseng ka ho lona.


athe ba ne ba sa tshepahale, ba sa tshepahale ho yena, ba sa tshepahale selekaneng sa hae.


Ba se ke ba tshwana le bo-ntata bona, bao e bileng moloko o manganga, moloko wa befetohedi; moloko oo maikutlo a wona a neng a sa tsepama, moloko oo moya wa wona o sa tshepahaleng ho Modimo.


Ha ke a bua sephiring, kgotjheletsaneng tse lefifi, ha ke a ka ka re ho ditloholo tsa Jakobo: ‘Mpatleleng lelea.’ Nna Morena, ke bua ho lokileng, nna ke bolela tse nepahetseng.”


Setjhaba sena se tla ho wena, jwalokaha batho ba nne ba phuthehe, ba dule kapele ho wena, ba mamele dipolelo tsa hao, empa ba sa di phethe. Ka melomo ya bona ba bua jwalokaha eka ke batho ba nang le lerato, empa dipelo tsa bona di nyoretswe ho rua ka bolotsana.


“Kopang, le tla fuwa; batlang, le tla fumana; kokotang, le tla bulelwa,


Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena.


Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.


Oho, e se eka dipelo tsa sona di ka ba tjena kamehla, sa ntshaba, sa boloka melao yohle ya ka, e le hore sona, le bana ba sona, se tle se atlehe kamehla yohle!


Samuele a re ho bohle ba ntlo ya Iseraele: “Haeba le kgutlela ho Morena ka dipelo tsa lona tsohle, lahlang medimo ya baditjhaba e hara lona, le Asetarote. Le lebise dipelo tsa lona ho Morena, le sebeletse yena feela, mme o tla le namolela matsohong a Bafilesita.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ