Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 12:1 - BIBELE

1 Hoba mmuso wa Rehoboame o tsitse, mme a imatlafatse, yena le setjhaba sohle sa Iseraele ba furalla molao wa Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Eitse hobane borena ba Roboame bo tiiswe, le yena ha a iphile matla, a furalla molao wa Jehova, le Baiseraele bohle ba etsa jwalo le bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 12:1
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa Rehoboame a busa bana ba Iseraele ba neng ba ahile metseng ya Juda.


Rehoboame, mora wa Solomone, a busa Juda. O ne a ena le dilemo tse mashome a mane a motso o mong ha a qala ho busa. O ile a busa ka dilemo tse leshome le metso e supileng a le Jerusalema, e leng motse oo Morena a neng a ikgethele wona hara merabe yohle ya Iseraele, hore o tla ba teng ho wona. Lebitso la mmae e ne e le Naama wa Moamone.


Ba tla be ba ikarabe, ba re: ‘Ke kahobane Baiseraele ba furaletse Morena Modimo wa bona, ya ileng a ntsha bo-ntata bona naheng ya Egepeta. Jwale ba kgomaretse medimo e meng, ba a e kgumamela, ba a e sebeletsa, mme ka baka lena Morena o ba tliseditse bobe bona bohle.’ ”


Le bona Bajuda ha ba a ka ba boloka melao ya Morena Modimo wa bona, hobane ba ile ba etsa tseo Baiseraele ba neng ba ile ba di etsa.


Ka dilemo tse tharo ba matlafatsa mmuso wa Juda, ba tshehetsa le Rehoboame, mora wa Solomone. Ka dilemo tseo tse tharo ba tsamaya mehlaleng ya Davida le Solomone.


A sebetsa ka bohlale, bara ba hae bohle a ba ntsha motse, a ba bea diterekeng tsohle tsa naha ya Juda le ya Benjamine, motseng o mong le o mong o haheleditsweng. A ba nea dijo tse ngata, a ba a ba nyadisa le basadi ba bangata.


“Bolella Rehoboame, mora wa Solomone, kgosi ya Juda, le Baiseraele bohle ba naheng ya Juda le ya Benjamine, o re:


Kgosi Rehoboame a imatlafatsa a le Jerusalema, mme a nna a busa. O ne a ena le dilemo tse mashome a mane a motso o mong ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e supileng, a le Jerusalema, e leng motse oo Morena a neng a ile a o kgetha hara merabe yohle ya Iseraele, hore a kgumamellwe ho wona. Lebitso la mmae e ne e le Naama wa Moamone.


Mahosana a furalla Tempele ya Morena Modimo wa bo-ntata wona, a sebeletsa ditshwantsho tsa Ashera le medimo ya bohata. Ka baka la tshito ena ya wona, kgalefo ya Morena ya tlokomela setjhaba sa Juda le baahi ba Jerusalema.


Jo! tjhaba sa baetsadibe se tletseng bokgopo! Tloholo tsa ba kgopo, bana ba bodileng! Ba furaletse Morena, ba nyedisitse Ya Halalelang wa Iseraele, ba fela ba mo furaletse.


“Lona ba moloko ona, mamelang lentswe la Morena: Na ke bile lehwatata ho Baiseraele, ka ka naha e lefifi ho bona? Ke ka baka lang ha tjhaba sa ka se re: ‘Rona re tla iketsetsa borata, ha re ka ke ra kgutlela ho wena?’


Ha Efraime a bua, tjhaba di ne di thothomela, hoba o ne a le moholo naheng ya Iseraele; empa a kgumamela Baale, kahoo a etsa sebe, ka baka la sebe seo yaba o a shwa.


Ditaelo tsa Omeri le di phethile, le mesebetsi yohle ya ntlo ya Akabe, dikeletso tsa bona le ile la di latela; ka baka leo, ke tla le timetsa, tjhaba sa lona ke se fetole sesomo, sekgobo sa baditjhaba le se jare jwalo.”


“Jakobo a ja, a kgora, Jeshurune a nona, a ba a penya, a lahla Modimo e le Mmopi wa hae, a nyedisa Fika le mo pholositse.


Ha le a tsotella Fika le le emotse, le lebetse Modimo, Mmopi wa lona.


Kamehla ha ba eya ntweng, Morena o ne a ba lwantsha, jwalokaha a ne a ile a bua, le jwalokaha a ne a ile a ba hlapanyetsa, mme ba tsieleha haholo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ