Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 11:5 - BIBELE

5 Rehoboame a aha Jerusalema, mme a haheletsa metse naheng ya Juda,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Roboame a nna a dula Jerusalema; a haha metse ya diqhobosheane Juda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 11:5
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A sebetsa ka bohlale, bara ba hae bohle a ba ntsha motse, a ba bea diterekeng tsohle tsa naha ya Juda le ya Benjamine, motseng o mong le o mong o haheleditsweng. A ba nea dijo tse ngata, a ba a ba nyadisa le basadi ba bangata.


A hapa metse ya Juda e haheleditsweng, mme a ya Jerusalema.


Metseng yohle ya Juda a fedisa dibaka tsohle tseo ho neng ho rapellwa medimo ya bohata ho tsona, a fedisa le dialetare tseo ho neng ho tjhesetswa mokubetso ho tsona, mme mmuso wa eba le kgotso.


Jwale kgosi Asa a romela banna bohle ba Juda; bao ba tla, ba fihla Rama, ba nka majwe le dithupa tseo Basha a neng a haheletsa motse ka tsona, mme ka tsona a haheletsa motse wa Geba le wa Misepa.


Jehoshafate a nna a matlafala haholo. A haha diqhobosheane le metse eo ho bolokwang dijo le dihlomo ho yona, naheng ya Juda.


A bea mabotho a hae metseng yohle e haheleditsweng e naheng ya Juda. A hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Juda le metseng ya naha ya ba morabe wa Efraime, eo Asa, ntatae, a neng a ile a e hapa.


Ntata bona a ba fa dimpho tse ngata tsa silefera, le tsa kgauta, le tse ding tsa bohlokwa; a ba fa le metse e haheleditsweng e naheng ya Juda, empa mmuso wona a o nea Jehorame, hobane e ne e le yena letsibolo la hae.


O ile a tsamaya, a futuhela Bafilesita, a thua lerako la Gate, le lerako la Jabene, le lerako la Ashedode; a haha le metse Ashedode le hara Bafilesita.


Le dithabeng tsa naha ya Juda a haha metse, mme merung a haha diqhobosheane le ditora.


E ne e le ka nako eo mabotho a kgosi ya Babilona a neng a futuhetse Jerusalema le metse ya Juda e neng e setse, e leng Lakishe le Aseka, kaha hara metse e haheleditsweng ya Juda, e ne e le yona feela e sa setseng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ