Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 11:21 - BIBELE

21 Rehoboame o ne a rata Maaka, moradi wa Abosalome, ho feta basadi bohle ba hae, le basadi ba hae ba mafielo. O ne a nyetse basadi ba leshome le metso e robedi, le basadi ba mafielo ba mashome a tsheletseng. A tswala bara ba mashome a mabedi a metso e robedi, le baradi ba mashome a tsheletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Roboame a rata Maaka, moradi wa Absalome, ho ena le basadi ba hae ba bang kaofela le direthe tsa hae; athe o ne a nkile basadi ba leshome le metso e robileng meno e le mmedi le direthe tse mashome a tsheletseng, mme a tswala bara ba mashome a mabedi a metso e robileng meno e le mmedi le baradi ba mashome a tsheletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 11:21
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mosadi wa hae wa lefielo, ya bitswang Reuma, le yena a tswala Teba, le Gahame, le Tahashe, le Maaka.”


Hoba Davida a tlohe Heborone, a fihle Jerusalema, a boela a nka basadi ba mafielo, a nyala le basadi, mme a boela a tswallwa bara le baradi.


O ne a ena le basadi ba makgolo a supileng, bao e neng e le dikgosatsana, a ena le basadi ba mafielo ba makgolo a mararo. Basadi bana ba hae ba mo kgelosa.


O ile a busa ka dilemo tse tharo Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Maaka, moradi wa Abishalome.


A sebetsa ka bohlale, bara ba hae bohle a ba ntsha motse, a ba bea diterekeng tsohle tsa naha ya Juda le ya Benjamine, motseng o mong le o mong o haheleditsweng. A ba nea dijo tse ngata, a ba a ba nyadisa le basadi ba bangata.


Kgosi eo e se ke ya nyala basadi ba bangata, esere ya kgeloha. E se ke ya ipokellela silefera le kgauta.


mohla monna eo a arolelang bara ba hae lefa la tseo a nang le tsona, a se ke a re mora wa matsibolo ke wa mosadi wa thatohatsi, empa mora wa mosadi ya hloilweng e le yena wa matsibolo.


Gideone a ba le bara ba mashome a supileng, ba tswetsweng ke yena, hobane o ne a nyetse basadi ba bangata.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ