2 Dikronike 11:16 - BIBELE16 Bohle ba merabe ya Iseraele, ba neng ba rata Morena Modimo wa Iseraele, ba sala Balevi bao morao, ba tla Jerusalema, ho tla etsetsa Morena Modimo wa bo-ntata bona mahlabelo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)16 Ba latelwa ke ba meloko yohle ya Iseraele ba batlang Jehova, Modimo wa Iseraele, ka pelo yohle ya bona, ba bileng ba tla Jerusalema ho hlabela Jehova, Modimo wa bontata bona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
A kgobokanya bohle ba morabe wa Juda le ba morabe wa Benjamine, le bajaki ba neng ba etswa naheng ya ba morabe wa Efraime, le ya ba morabe wa Manase, le ya ba morabe wa Simeone. E ne e ile yare ha ba bona hore Morena Modimo wa hae, o na le yena, ba fallela ho yena ka bongata, ba etswa naheng ya Iseraele.
Sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha e le moo a tla dula teng, ke ho sona le tlang ho isa tsohle tseo ke le laetseng tsona: dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le dinyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona tse kgethehileng, tseo le di etseditseng Morena.