Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 11:14 - BIBELE

14 Balevi ba siya dibaka tsa bona le maruo o bona, ba fallela naheng ya Juda le Jerusalema, hobane bo-Jeroboame le bara ba hae ba ne ba ba hanela ho etsetsa Morena ditshebeletso tsa bona tsa boprista.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Balevi ba fela ba tlohela meraka ya bona le maruo a bona, ba tla Juda le Jerusalema kahobane Jeroboame le bara ba hae ba ne ba ba furaletse, ba tle ba se ke ba phetha mosebetsi wa baprista ba Jehova;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 11:14
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Esitana leha hona ho se ho etsahetse, Jeroboame a nna a tswela pele mekgweng ya hae e kgopo. Batho ba eisehang hara setjhaba a nna a ba etsa baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Mang kapa mang ya ratang, a mo etsa e mong wa baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona.


Baprista le Balevi ba neng ba le naheng yohle ya Iseraele, ba tloha dibakeng tsohle tsa bona, ba fallela ho Rehoboame.


Na hase lona ba lelekileng baprista ba Morena, e leng bara ba Arone, le Balevi, mme la itlhomamisetsa baprista, ho latela mekgwa ya ditjhaba tsa dinaha tse ding? E mong le e mong ya tlang a qhoba pohwana le dipheleu tse supileng, le mo etsa moprista wa medimo eo ya bohata.


Ha e le metse ya lefa la bana ba Iseraele, eo o tla e abela Balevi, o tla nka e mengata ho ba leng bangata, o nke e mmalwana ho ba leng mmalwana. Morabe o mong le o mong o tla nea Balevi metse ya wona ho lekana lefa leo o le fumaneng.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ