Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 11:12 - BIBELE

12 Motse o mong le o mong a o hlomella ka dithebe le ka marumo, a o matlafatsa haholo. Ba morabe wa Juda le wa Benjamine ba ba tlasa puso ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 mme motseng o mong le o mong a bea dithebe le marumo; a etsa metse e thata haholoholo. Haele Juda le Benjamine, e ne e le ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 11:12
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tamare a nka molora, a itshela ka wona hloohong, a hahola seaparo sa hae se mebalabala, seo a neng a se apere, a itshwara hloohong, a tsamaya a ntse a bokolla haholo.


Abosalome a se ke a hlola a buisana ntho efe kapa efe le Amanone, hobane o ne a hloile Amanone, kaha o ne a ile a beta Tamare, kgaitsedi ya hae.


Empa Rehoboame a busa bana ba Iseraele ba neng ba ahile metseng ya Juda.


A haheletsa metse ena, a bea balaodi ho yona, a ba fa dijo, le ole ya mohlwaare, le veine.


Baprista le Balevi ba neng ba le naheng yohle ya Iseraele, ba tloha dibakeng tsohle tsa bona, ba fallela ho Rehoboame.


Yaba Asariya o ya kgahlanyetsa Asa, mme o fihla a re ho yena: “Wena Asa, le bohle ba morabe wa Juda le wa Benjamine, mmameleng! Morena o na le lona haeba le lona le ena le yena. Ha le mmatla le tla mo fumana, empa haeba le mo furalla le yena o tla le furalla.


Jehoshafate a nna a matlafala haholo. A haha diqhobosheane le metse eo ho bolokwang dijo le dihlomo ho yona, naheng ya Juda.


Kgosi Hesekiya a tsoha molota, a tsosa lerako hohle moo le neng le helehile teng. Hodima lona a haha ditora, a haha le lerako le leng kathoko ho leo. A matlafatsa le Milo, e Motseng wa Davida. A etsa marumo a mangata le dithebe tse ngata.


“Wena ngwana motho, nka molamu o le mong, o ngole hodima wona, o re: ‘Ke wa Juda le bana ba Iseraele ba thusanang le yena.’ Ebe o nka molamu o mong hape, o ngola hodima wona, o re: ‘Ke wa Josefa, molamu wa Efraime le bohle ba ntlo ya Iseraele ba thusanang le yena.’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ