Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 11:10 - BIBELE

10 le Sora, le Aiyalone, le Heborone. Metse ena ke yona e neng e haheleditswe naheng ya Juda le naheng ya Benjamine.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Tsorea, Ajalone, le Hebrone, metse ya Juda le Benjamine, a e esa metse ya diqhobosheane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 11:10
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Sara a shwela Kiriate-Areba e leng Heborone, naheng ya Kanana. Aborahama a ya mo aparela bofifi, a mo llela.


Ha tsena di fetile, Davida a botsa Morena, a re: “Na nka nyolohela ho o mong wa metse ya Juda?” Morena a re ho yena: “Nyoloha.” Davida a re: “Ke nyolohele ho ofe?” Morena a re: “Nyolohela Heborone.”


Davida a busa ba morabe wa Juda, a le Heborone, ka dilemo tse supileng le dikgwedi tse tsheletseng.


A haheletsa metse ena, a bea balaodi ho yona, a ba fa dijo, le ole ya mohlwaare, le veine.


Le Bafilesita ba ne ba se ba futuhetse metse e ka mabalane, le e ka borwa ho naha ya Juda, ba hapile Bete-Shemeshe, le Aiyalone, le Gederote, le Soko le metsana ya yona, le Timina le metsana ya yona, le Gimeso le metsana ya yona, mme ba se ba ahile moo.


Ba nyolohela Negebe, ba ya fihla Heborone, moo Ahimane, le Sheshai, le Talamai, bana ba Anake, ba neng ba ahile teng. Heborone e ne e ile ya hahuwa dilemo tse supileng pele Sowane e Egepeta e hahuwa.


Ka lona letsatsi leo, leo Morena a ileng a neelana ka Baamore ho bana ba Iseraele ka lona, Joshua a bua ho Morena, moo Baiseraele ba ntseng ba bona, a re: “Wena, letsatsi, ema themelele! hodima Gibeone! Le wena kgwedi, themelele! hodima Aiyalone!”


Joshua, a ena le Baiseraele bohle, a tloha Egelone, a ya Heborone, mme ba futuhela motse oo.


Ka baka lena, Heborone ya eba lefa la Kalebe, mora wa Jefune wa Mokenase, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, hobane a ne a ile a latela Morena Modimo wa Iseraele, ka ho tlala.


Ho ya ka taelo ya Morena ho Joshua, Kalebe, mora wa Jefune, o ile a abelwa karolo ya naha hara bana ba Juda; a mo abela le motse wa Areba, mme Areba e ne e le ntata Anake. Ke yona Heborone.


Diphuleng metse e ne e le Eshetaole, le Sora, le Ashena,


Jwale Galelea, naheng e maralla ya Nafthali ba kgetha Kedeshe; naheng e maralla ya Efraime ba kgetha Shekeme, mme naheng e maralla ya Juda ba kgetha Motse wa Areba, e leng Heborone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ