Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 10:19 - BIBELE

19 Ho tloha mohlang oo, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, yaba Baiseraele ba fetohetse lelapa la Davida.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Baiseraele ba kwenehela ntlo ya Davida jwalo ho fihlela la kajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 10:19
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha setjhaba sohle sa Iseraele se bona hore kgosi ha e se mamele, sa e araba, sa re: “Re amana ka dife le Davida? Mora wa Jese hase letho ho rona! Baiseraele, motho le motho lapeng la hae! Davida, sala le morabe wa heno!” Yaba Baiseraele ba kgutlela malapeng a bona.


Mefeng e ne e hlahisitse dintlha tsa yona, hoo dintlha tseo di neng di bonahala ha motho a le ka Sehalalelong, a tobane le Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, empa di ne di sa bonahale ha motho a le kantle ho Sehalalelo, mme di sa ntsane di le moo le kajeno-ya-bokajeno.


Ho tloha mehleng ya bo-ntata rona, ho fihlela kajeno, re bile le melato e meholo. Ka baka la bokgopo ba rona, rona, le dikgosi tsa rona, le baprista ba rona, ho neelanwe ka rona matsohong a dikgosi tsa dinaha tsena, hore re bolawe ka sabole, re thopuwe, re hanyapetswe, re hlabiswe dihlong, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


Ke tla etsa hore leloko la hae le hlole kamehla yohle, le terone ya hae e be teng ha mahodimo a ntse a le teng.


“Wena ngwana motho, nka molamu o le mong, o ngole hodima wona, o re: ‘Ke wa Juda le bana ba Iseraele ba thusanang le yena.’ Ebe o nka molamu o mong hape, o ngola hodima wona, o re: ‘Ke wa Josefa, molamu wa Efraime le bohle ba ntlo ya Iseraele ba thusanang le yena.’


Ba fihla Gileade ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba bua le bona, ba re:


Joshua a hloma majwe a leshome le metso e mmedi bohareng ba Jorodane, sebakeng seo maoto a baprista ba neng ba jere areka ya selekane a neng a eme teng, mme le kajeno-ya-bokajeno a ntse a le hona moo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ