Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 10:11 - BIBELE

11 Ntate o ile a le imetsa ka mosebetsi; nna ke tla le imetsa le ho feta. Ntate o ne a le shapa ka diphafa; nna ke tla le shapa ka katse.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ha ntate a le jarisitse joko e boima, nna ke tla eketsa boima ba joko ya lona; ha ntate a le otlile ka diphafa nna ke tla le otla ka diphepheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 10:11
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bahlankana bana bao a hotseng le bona ba mo araba, ba re: “Setjhaba sena se itseng ho wena: ‘Ntatao o ne a re imeditse ka mosebetsi; wena ako re imolle,’ o tle o se arabe tjena, o re: ‘Monwana wa ka o monyenyane o motenya ho feta letheka la ntate.


Ka letsatsi la boraro, bo-Jeroboame le setjhaba sohle ba fihla ho Rehoboame, jwalokaha kgosi e ne e itse: “Ka letsatsi la boraro le tle le tle ho nna hape.”


Tsamayang hona jwale, le yo sebetsa; le ke ke la newa seteroi; empa palo e badilweng ya ditene yona le tla e etsa.”


“Ke ne ke halefetse setjhaba sa ka, ka hlompholla lefa la ka; ka neelana ka sona matsohong a hao, mme wena wa se hlokela mohau. Esita le maqheku ao e se le mobu, wa a belesa joko e boimahadi.


“Mokgwa wa ho itima dijo oo ke o kgethileng ke ona: Ke hore o lokolle mahlaahlela a bokgopo, o imolle ba imetsweng ke mejaro ya bona, ba hateletsweng o ba lokolle, mesebetsi yohle ya botlatlapi o e fedise.


Itjariseng joko ya ka, le ithute ka nna, kahobane ke mosa, ke na le pelo e ikokobeditseng, mme le tla fumana phomolo.


Bonang, ke le neile matla a ho hata dinoha le diphepheng, le a ho hlola matla wohle a sera, mme ha le ka ke la ntshuwa kotsi ke letho.


Di ne di ena le mehatla e tshwanang le ya diphepheng, e nang le metsu, mme di ena le matla a ho senyetsa batho ka mehatla ya tsona, ka dikgwedi tseo tse hlano.


Ditsie tsa letheha mosing oo, mme tsa newa matla a tshwanang le a diphepheng.


Tsa newa matla, e seng a ho ba bolaya, empa a ho ba hlokofatsa ka dikgwedi tse hlano. Ho hlokofatsa ha tsona ho tshwana le mahloko a phepheng ha e loma motho.


Mohla letsatsi leo le fihlang, le tla ipelaetsa haholo ka baka la kgosi ya lona, eo le e kgethileng, empa mohla letsatsi leo Morena ha a na ho le araba.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ