Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 1:8 - BIBELE

8 Solomone a re ho Modimo: “O bontshitse lerato le leholo ho Davida, ntate, mme o entse hore ke be kgosi, ke mo hlahlame.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Salomone a re ho Modimo: O etseditse ntate Davida ka lereko le leholo, o bile o mpeile morena tulong tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 1:8
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Wena ya neang kgosi ya hao, ya e neang tlholo e kgolo, ya bontshang mohau ho motlotsuwa wa hao, ho Davida le ditloholo tsa hae kamehla le mehla.”


Solomone a re: “O bile mohau haholo ho ntate, ho Davida mohlanka wa hao, hobane le yena a ile a tshepahala ho wena, a etsa tse lokileng, a hloka mano. Le kajeno o sa mmontshitse mohau ona o moholo, ka ho bea mora wa hae teroneng.


Jwale kgosi Davida a kena ka Tenteng, a ya dula kapele ho Morena, mme a re: “Oho, Morena Modimo, ekaba nna ke mang? Ekaba ntlo ya ka ke eng, hoo o mphihlisitseng hole hakaale?


Morena o mphile bara ba bangata, mme hara bara bohle o kgethile Solomone, mora wa ka, ho dula teroneng ya mmuso wa Morena, a buse Iseraele.


Solomone a dula teroneng ya Morena, ya eba kgosi sebakeng sa ntatae Davida, mme a atleha. Baiseraele bohle ba mo hlompha.


A shwa a se a tsofetse haholo, a phetse dilemo tse ngata, a bile le maruo, mme a hlompheha. Solomone, mora wa hae, a mo hlahlama.


Ho nna mohau wa hao o moholo, ke wena ya ntopolotseng botebong ba Nqalo ya Bafu.


Na motho o teng ya ka phelang, mme a se ke a shwa, ya ka itopollang matleng a Nqalo ya Bafu?


“Ntshekeheleng tsebe, mme le tle ho nna, le mmamele, meya ya lona e tle e phele. Ke tla etsa selekane sa kamehla le lona, e leng mehauhelo eo ke neng ke e tshepise Davida.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ