Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 1:6 - BIBELE

6 Solomone a hlwella aletareng ya lethose, kapele ho Morena. Aletare eo e ne e le pela Tente ya Morena, mme a etsetsa dinyehelo tsa setjheso tse sekete hodima yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Mme Salomone a nyolohela teng, pontsheng ya Jehova, aletareng ya koporo e leng pela tente ya pokano, a hlahisa ditjheso tse sekete teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 1:6
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgosi ya ya Gibeone ho ya etsetsa mahlabelo teng, hobane sebaka seo e ne e le sa borapedi se tumileng. Solomone a etsetsa dinyehelo tsa setjheso tse sekete hodima aletare e hona teng.


Bo-kgosi Solomone le setjhaba sohle sa Iseraele se neng se kgobokanetse ho yena, ba ema kapele ho areka, ba etsa mahlabelo ka dinku le ka dipholo tse ngata hoo di neng di ke ke tsa balwa.


Solomone a etsetsa Morena sehlabelo sa teboho ka dipholo tse dikete tse pedi le mashome a mabedi, le ka dikgutshwane tse dikete tse lekgolo le mashome a mabedi. Yaba kgosi le bana bohle ba Iseraele ba kgakola ntlo ena ya Morena.


Ka letsatsi le hlahlamang leo, setjhaba sa etsetsa Morena mahlabelo le dinyehelo tsa setjheso ka dipohwana tse sekete, le dipheleu tse sekete, le dikonyana tse sekete, le dinyehelo tsa dino, le mahlabelo a mang a mangata, a etsetswang Baiseraele bohle.


Solomone a etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso hodima aletare eo a neng a e hahetse Morena kapele ho lethule.


Fate tsa Lebanone ha di lekane ho besa, ho besa mollo aletareng, phoofolo tsa teng ha di lekane ho etsa setjheso.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ