Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 1:14 - BIBELE

14 Solomone a kgobokanya dikariki tsa ntwa le bahlabani ba palamang. O ne a ena le dikariki tsa ntwa tse sekete le makgolo a mane, le bahlabani ba palamang ba dikete tse leshome le metso e mmedi, bao a ileng a ba bea metseng eo ho bolokwang dikariki tsa ntwa ho yona, le Jerusalema moo a neng a le hona teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Salomone a ipokellela makoloi le bakalli; makoloi a hae a eba sekete se nang le makgolo a mane, bakalli ba eba kete tse leshome le metso e mmedi; mme a ba bea metseng ya makoloi le moreneng, Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 1:14
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgosi Solomone a etsa dithebe tse makgolo a mabedi ka kgauta e thutsweng, mme thebe e nngwe le e nngwe ya etswa ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse supileng.


Solomone o ne a ena le dijelo tse dikete tse mashome a mane tsa dipere tse hulang dikariki tsa hae tsa ntwa; le bahlabani ba palamang ba dikete tse leshome le metso e mmedi.


“Ka hona ako laele hore ke romelwe difate tsa dikedare tsa Lebanone. Bahlanka ba ka ba tla sebetsa le ba hao. Ke tla lefa bahlanka ba hao kamoo wena o tla bolela kateng. O a tseba hore hara batho ba ka ha ho le ya mong ya ka remang difate hantle jwaloka batho ba Sidone.”


le metse yohle ya Solomone, e nang le disiu, le metse eo ho bolokwang dikariki tsa ntwa ho yona, le metse ya bahlabani ba palamang, le tsohle tseo Solomone a neng a lakatsa ho di etsa Jerusalema, le Lebanone, le naheng yohle eo a neng a e busa.


A tsosa le Baalate, le metse e meng ya hae, eo ho bolokwang dijo le dihlomo ho yona, le metse yohle eo ho bolokwang dikariki tsa ntwa ho yona, le metse ya bahlabani ba palamang. A haha tsohle tseo a neng a rata ho di haha Jerusalema, le Lebanone, le naheng yohle eo a neng a e busa.


Solomone o ne a ena le ditala tse dikete tse nne tsa dipere le tsa dikariki tsa ntwa, le bahlabani ba palamang ba dikete tse leshome le metso e mmedi, bao a ileng a ba bea metseng ya dikariki tsa ntwa, le Jerusalema, ho kgosi.


Feela kgosi eo e se ke ya ba le dipere tse ngata, esere ya etsa hore setjhaba se kgutlele Egepeta ho ya reka dipere, hobane Morena o itse ho lona: ‘Le ke ke la hlola le kgutlela ka tsela ena.’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ