2 Dikronike 1:13 - BIBELE13 Yaba Solomone o kgutlela Jerusalema, a etswa sebakeng sa borapedi se neng se le Gibeone, moo a neng a le kapele ho Tente ya Morena, mme a fihla a busa Baiseraele. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)13 Yaba Salomone o tloha nqalong e phahameng e Gibeone, tenteng ya pokano, a kgutlela Jerusalema, mme a busa Iseraeleng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Solomone a kgobokanya dikariki tsa ntwa le bahlabani ba palamang. O ne a ena le dikariki tsa ntwa tse sekete le makgolo a mane, le bahlabani ba palamang ba dikete tse leshome le metso e mmedi, bao a ileng a ba bea metseng eo ho bolokwang dikariki tsa ntwa ho yona, le Jerusalema moo a neng a le hona teng.