Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 BaThesalonika 3:6 - BIBELE

6 Bana beso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste re le laela hore le kgaohane le bana babo lona bohle ba phelang e le dikgoba, e seng ka meetlo eo re le neeleditseng yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Re a le laela, banabeso, ka lebitso la Jesu Kreste, Morena wa rona, hore le arohane le moena ofe le ofe ya sa tsamayeng ka molao le ka thuto eo a e amohetseng ho rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 Jwale, banabeso, re le laela ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, hore le ikarole ho ngwanabo rona e mong le e mong ya tsamayang ka mokgwa o sa laoleheng, e seng ka mokgwa oo le o amohetseng ho rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Jwale, banabeso, re le laela ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, hore le ikarole ho ngwanabo rona e mong le e mong ya tsamayang ka mokgwa o sa laoleheng, e seng ka mokgwa oo le o amohetseng ho rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 BaThesalonika 3:6
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

empa ha a hana ho ba mamela, bolella kereke; haeba a hana ho mamela le yona kereke, mo tadime e le mohedene le molekgetho.


Bana beso, ke a le rapela hore le fadimehele ba bakang dikarohano, ba le kgelosang thutong eo le ithutileng yona. Le ba sesefe


Ke a le rorisa hobane kamehla le a nkgopola, mme le boloka tsohle kamoo ke di fetiseditseng ho lona kateng.


ka lebitso la Morena Jesu. Mohla le phuthehang, mme le nna ke le teng ka moya, re ena le matla a Morena wa rona Jesu,


Lengolong la ka ke ile ka re le se ke la tlwaelana le dihlola.


Jwale eo le mo tshwarelang, le nna ke a mo tshwarela. Haeba ho na le seo ke se tshwaretseng, ke ka baka la lona, mahlong a Kreste, ke tshwaretseng ya se entseng;


Ka lebitso la Morena ke le bolella sena, mme ke a se tiisa, ke re: Le se hlole le phela jwaloka bahedene, ba tsamaiswang ke maikutlo a bona a lefeela.


Eng kapa eng eo le e etsang kapa le e bolelang, le e etse lebitsong la Morena Jesu, mme ka yena le lebohe Modimo Ntata lona.


Jwale he, bana beso, le utlwile ka rona mokgwa oo le tshwanetseng ho phela le ho kgahlisa Modimo ka wona. Ka Morena Jesu, re a le kopa, mme re a le rapela hore le phele jwalo, le nne le atlehe le ho feta.


Ikitlaeletseng ho phela ka kgotso, ho hlokomela ditaba tsa lona le ho sebetsa ka matsoho a lona, jwalokaha re le laetse.


Bana beso, re a le rapela hore le kgalemele dikgoba, le kgothatse ba nyahameng dipelo, le thuse ba fokolang, le mamelle bohle.


Kahoo, bana beso, emang le tiile, le kgomarele meetlo eo re le rutileng yona ka molomo kapa ka lengolo.


Lona le tseba kamoo le tlamehang ho re etsisa kateng. Ha re a ka ra ba dikgoba ha re ne re ena le lona,


Ka Modimo, le ka Kreste Jesu, le ka mangeloi a kgethilweng, ke ipiletsa ho wena, ke re: Tsena o di boloke o se na leeme, o sa ye ka tshobotsi.


diqabang tse sa feleng tsa batho ba senyehileng dikelello, ba hlokang nnete, ba lekanyang hore borapedi ke mokgwa wa ho ithuisa.


ba tla bonahala e ka ba na le bodumedi, athe ba lahlile matla a bodumedi. Ba jwalo o ba furalle.


Pela Modimo le Kreste Jesu, yena ya tla ahlola ba phelang le ba shweleng, le ka baka la boiponahatso ba hae le ka Mmuso wa hae, ke ipiletsa ho wena, ke re:


Haeba e mong a ka tla ho lona, feela a sa tlise thuto ena, le se ke la mo amohela malapeng a lona, leha e le hona ho mo dumedisa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ