Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 BaThesalonika 3:13 - BIBELE

13 Ha e le lona, bana beso, le se kgathale ho etsa hantle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Empa lona, banabeso, le se ke la kgathala ho etsa hantle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

13 Empa lona, banabeso, le se ke la khathala ho etsa hantle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Empa lona, banabeso, le se ke la khathala ho etsa hantle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 BaThesalonika 3:13
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ruri Morena o tla ntswela molemo, a ntswele molemo lefatsheng la ba phelang.


Mohla tsatsi leo ba tla re ho Jerusalema: “Wena Sione, o se ke be wa tshaba, matsoho a hao a fele a tiye!


Le bile le re: ‘Ke ntho e tenang hakaakang!’ mme le e swenyetsa dinko,” ho rialo Morena wa mabotho. “Ha le tlisa phoofolo e utswitsweng, kapa e hlotsang, kapa e kulang, mme le nnyehella ka yona, na nka e amohela matsohong a lona?” ho rialo Morena.


Jwale Jesu a ba bolella setshwantsho sa hore eka kgona ba rapele kamehla, mme ba se ke ba kgathala.


Ba batlang tlotla le hlompho le ho se shwe, ka ho tiisetsa ho etsa tse lokileng, o tla ba nea bophelo bo sa feleng.


Empa etlare ha tsohle di se di beilwe katlasa Kreste, Mora le yena o tla ba katlasa Modimo, ya beileng tsohle katlasa hae, hore Modimo a tle a buse tsohle, hohle.


Ka baka leo, erekaha re neilwe tshebeletso ena ka mohau, ha re tepelle.


Ka baka leo, ha re tepelle. Leha botho ba rona ba nama bo senyeha, botho ba moya bona bo ntjhafala ka letsatsi le letsatsi.


Baokamedi ba tla bua le bahlabani hape, ba re: ‘Na ho na le monna ya tshohileng, ya boi? Ha a kgutlele tlung ya hae, esere a nyahamisa bana babo dipelo, jwalokaha ya hae e nyahame.’


Thapelo ya ka ke hore le ekeletswe lerato le nang le tsebo le kutlwisiso yohle hoyahoile,


Jwale he, bana beso, le utlwile ka rona mokgwa oo le tshwanetseng ho phela le ho kgahlisa Modimo ka wona. Ka Morena Jesu, re a le kopa, mme re a le rapela hore le phele jwalo, le nne le atlehe le ho feta.


Feela le se mo nke e le sera, empa le mo kgalemele e le ngwanabo lona.


Nahanang ya ileng a mamella dikganyetso tse kaalokaalo tsa baetsadibe, esere la nyahama dipelo, la kgathala.


mme le se le lebetse mantswe a kgothatsang, a builweng ho lona le le bana ba Modimo, a reng: “Mora wa ka, se nyedise kgalemelo ya Morena, se kgathale ha a o laya;


O tiiseditse, wa mamella matshwenyeho ka baka la lebitso la ka, wa se ke wa kgathala.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ